Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Hobane motse ona o nnile wa hlahisa bohale le kgalefo ho nna, ho nka mohla ba o hahileng, ho fihlela tsatsi lena, hore ke tle ke o tlose pontsheng ya ka;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 “Ho tloha mohla ba hahang motse ona ho fihlela kajeno, haesale motse ona o mphephetsa hore ke halefe, ke lolome ke bohale, mme jwale ke rerile ho o timetsa;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:31
17 Referencias Cruzadas  

Hape, Manasse a tsholla madi a mangata a se nang molato, a tlatsa Jerusalema ka wona kahohle; ho sa bolelwe sebe sa hae seo a sebesitseng Juda ka sona, kamoo a nnileng a etsa kateng, ho leng hobe mahlong a Jehova.


Le aletare e Bethele le nqalo e phahameng e neng e entswe ke Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele, ke re, aletare eo le nqalo e phahameng ya teng, a di qhaqha, a tjhesa nqalo e phahameng, a e tula ya eba lerole; a ntoo tjhesa le ashera ya teng.


Hobane Jehova o fela a ne a itse: Le Juda ke tla mo tlosa pela ka, jwalokaha ke tlositse Iseraele, ke lahle le Jerusalema, motse wona oo ke neng ke ikgethetse wona, le ntlo eo ke neng ke itse, lebitso la ka e tla be e sa le le le teng ho yona.


ka baka leo, bonang, ke tla le ngala, ke le lahlele hole le sefahleho sa ka, lona le motse oo ke neng ke o neile bontata lona.


Hobane ba le porofetela leshano, hore ke tle ke le kgannele hole le lefatshe la lona, ke le lahle, ke le timetse.


Jerusalema o sitilwe, o sitilwe; ka baka leo, o fetohile manyala, bohle ba neng ba mo hlonepha ba mo nyedisa, hobane ba bone bofeela ba hae, le hona o a fehelwa, mme o tadima kasanthao.


Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.


Jerusalema, Jerusalema, ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rongwang ho wena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, jwaloka kgoho ha e bokella ditsuanyana tsa yona tlasa mapheo a yona, empa le hanne.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos