Jeremia 32:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)30 Hobane bana ba Iseraele le bana ba Juda ba nnile ba etsa ho leng hobe feela pontsheng ya ka, esale le botjheng ba bona, hobane bana ba Iseraele ba nnile ba mphephetsa feela ka diketso tsa matsoho a bona, ho bolela Jehova. Ver CapítuloBIBELE30 “Bana ba Iseraele le bana ba Juda ba entse bobe feela mahlong a ka ho tloha botjheng ba bona. Bana ba Iseraele ba nkgalefisitse ka mosebetsi wa matsoho a bona,” ho rialo Morena. Ver Capítulo |
Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.