Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 28:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le ba kgolehong kaofela ba Juda ba ileng Babilona, ke tla ba busetsa nqalong ena, ho bolela Jehova, hobane ke tla roba joko ya morena wa Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Le Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, ke tla mo kgutlisetsa mona hape, hammoho le bathopuwa bohle ba Juda ba neng ba iswe Babilona, hobane ke tla roba joko ya kgosi ya Babilona,’ ” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 28:4
20 Referencias Cruzadas  

empa o tla phela ka lerumo la hao, o sebeletse moenao; etlare ha o etsa ka matla, o tla roba joko ya hae, o e kwele molaleng wa hao.


A isa le ba Jerusalema bohle kgolehong, le mahosana wohle, le bahlabani ba matla; ba isitsweng kgolehong ya eba banna ba dikete tse leshome, le ditei, le malala, ho se ke ha sala le a mong, haese mafutsana a setjhaba sa lefatshe.


Hobane joko eo se neng se e jara, le thupa e neng e otla mahetla a sona, le molamu wa mohlorisi wa sona, a di robile jwalokaha o entse mohla Midiane.


Metse e nqa borwa e kwaletswe, mme ha ho ya e bulang; Juda kaofela o iswa kgolehong, o iswa kaofela kgolehong.


Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.


Le se ke la llela ya shweleng, le se mo utlwele bohloko; llelang ya ileng kgolehong, hobane ha a sa tla boya, hore a tle a bone lefatshe leo a tswaletsweng ho lona.


Ke a phela, ho bolela Jehova, hojane Jekonia, mora Jojakime, a le jwaloka lesale la tiiso letsohong la ka le letona, ke ne ke tla mo pshemola teng.


Eitse hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, a tshware Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le baholo ba Juda, le dibetli, le malala Jerusalema, a ba kentse Babilona, Jehova a mpontsha pono; mme bonang, diroto tse pedi tsa difeiye di ne di beilwe pela tempele ya Jehova.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Jwaloka ha difeiye tsena di le monate, ba tshwerweng ba Juda, bao ke ba tlositseng nqalong ena, ke ba isitseng lefatsheng la Bakalde, ke tla nne ke ba tadime ho ba etsa hantle.


Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.


Yaba moporofeta Hanania o nka joko molaleng wa moporofeta Jeremia, a e robakanya.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke ya roba joko ya morena wa Babilona.


Ke ana mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a kileng a le romela, a le Jerusalema, ho baholo ba setseng ho ba kgoleho, le ho baprista le ho baporofeta le ho setjhaba kaofela, bao Nebukadnesare a neng a ba tshwere Jerusalema, a ba isitse Babilona.


Ke ha morena Jekonia, le mofumahadi, le matona, le baholo ba Juda le ba Jerusalema, le dibetli, le malala, ba ne ba se ba tswile Jerusalema.


Tsatsing lona leo, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla robakanya joko molaleng wa hao, ke kgaole marapo a hao; ba ditjhaba ha ba sa tla mo rua.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, le tle le se ke la hlola le eba bahlanka ba bona; ke robile joko e neng e le imela, mme ke le tsamaisitse ka hlooho tse leletseng.


Jwale, ke tla roba joko ya hae e hodima hao, ke kgaole le ditlamo tsa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos