Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 28:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya o hlakola lefatsheng, o ya shwa monongwaha, hobane o bile wa bolela kweneho bakeng sa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ka baka lena, Morena o bua tjena: ‘Ke tla o fedisa lefatsheng mona! Ka sona selemo sena o tla shwa, hobane o rutile setjhaba ho kwenehela Morena!’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 28:16
16 Referencias Cruzadas  

Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.


Mme taba eo ya fetohela ntlo ya Jeroboame sebe, se e fedisang, se e timetsang lefatsheng.


E tla ba ka baka lang ha Baegepeta ba ka re: O ba ntsheditse ho ya ba ntsha kotsi, e le ho ya ba bolaela dithabeng le ho ba timetsa lefatsheng? Kgutla bohaleng ba kgalefo ya hao, mme o tlohele bobe boo o bo hopoletseng setjhaba sa hao.


Mme wena Pashkure, le ba ahileng tlung ya hao kaofela, le tla ya kgolehong; o tla ya Babilona, o shwele teng; mme o tla patwa teng, le metswalle ya hao kaofela eo o ntseng o e porofetela leshano.


Mme Hanania moporofeta a shwa selemong sona seo, ka kgwedi ya bosupa.


Dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe, ke tla busetsa nqalong ena mafiso kaofela a ntlo ya Jehova, ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a a nkileng nqalong ena, mme a ile le wona Babilona.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgalemela Shemaia, Monehelame, le leloko la hae; ha ho sa tla ba motho wa hae ya ahang hara setjhaba sena; ha a tla ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka, ho bolela Jehova, hobane o bile a bolela hore ho kwenehelwe Jehova.


ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Mosadi wa hao o tla betwa hara motse, bara ba hao le baradi ba hao ba dihuwe ke lerumo; naha ya hao e tla arolwa ka kgwele, wena o tla shwa lefatsheng le ditshila, mme Iseraele o tla iswa kgolehong, a ntshwe lefatsheng la hae.


Bonang, mahlo a Morena Jehova a tjametse mmuso o tletseng dibe, mme ke tla o timetsa hodima lefatshe; feela, nke ke ka timeletsa ntlo ya Jakobo ruri, ho bolela Jehova.


banna bao ba neng ba nyatsitse naha, ba eshwa pela sefahleho sa Jehova ka lefu la sewa.


Ka tsatsi la bosupa, le tla hlahisa dipohwana tse supileng, le dipheleu tse pedi, le dikonyana tse tona tse leshome le metso e mene, tse se nang sekodi, tse lemo se le seng,


hobane Jehova, Modimo wa hao, ya leng ha eno, ke Modimo o boulelang. Bohale ba Jehova, Modimo wa hao, bo ka o tukela, mme Jehova a ka o timetsa lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos