Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 28:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mme moporofeta Jeremia a bolella Hanania moporofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a o roma, mme wena o hlile wa tshepisa setjhaba sena ka leshano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Jwale moporofeta Jeremia a re ho moporofeta Hananiya: “Mamela mona, wena Hananiya! Morena ha a ya o roma, empa wena o etsa hore setjhaba sena se tshepe leshano!

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 28:15
20 Referencias Cruzadas  

Bona jwale, Jehova o kentse moya wa leshano melomong ya baporofeta bana bohle ba hao; athe Jehova o boletse kotsi hodima hao.


Mme wena Pashkure, le ba ahileng tlung ya hao kaofela, le tla ya kgolehong; o tla ya Babilona, o shwele teng; mme o tla patwa teng, le metswalle ya hao kaofela eo o ntseng o e porofetela leshano.


Ha ke a ka ka roma baprofeta bao, mme bona ba mathile; ha ke a ka ka bua le bona, mme bona ba porofetile.


Bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baporofeta ba itherellang puo, ba re: Ho boletse Modimo.


Hobane ha ke a ka ka ba roma, ho bolela Jehova; ba ntse ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le lahle, ke le timetse, lona le baporofeta ba le porofetelang.


Hanania a bolela pontsheng ya setjhaba kaofela, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke tla robakanya jwalo joko ya Nebukadnesare, morena wa Babilona, molaleng wa ditjhaba tsohle, dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe. Mme moporofeta Jeremia a ikela ka tsela ya hae.


Hobane ba entse manyala hara Iseraele, ba febile le basadi ba banababo bona, ba hlile ba bolela mantswe a leshano ka lebitso la ka, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona. Ke mpa ke tseba hoo, mme ke paki, ho bolela Jehova.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le se ke la nna le thetswa ke baporofeta ba lona ba hara lona, le ke dinohe tsa lona; le se ke la mamela balori ba lona bao le batlang ditoro ho bona.


Bonang, le ntse le itshepetse dipolelong tsa lefeela tse sa thuseng letho.


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


Ba nang le dipono tsa lefeela le bonohe ba bohata, ba re: Ho itswe ke Jehova! athe Jehova ha a ba roma, mme ba tshepile hoba o tla tiisa mantswe a bona.


Letsoho la ka le tla lwantsha boporofeta ba bonang mafeela, ba nohang mashano; ba ke ke ba eba le kopano le setjhaba sa ka, ha ba ka ke ba ngolwa bukeng ya ntlo ya Iseraele; ha ba ka ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Morena Jehova.


Baporofeta ba yona ba peqa ntho tseo kaofela ka seretse se sa tsebisahaleng. Ba na le dipono tsa lefeela, ba ba nohela leshano, ba re: Morena Jehova o re ... athe Jehova ha a ka a re letho.


Ha ho ka ba e mong ya sa ntseng a porofeta, ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla re ho yena: O ke ke wa phela, hobane o boletse leshano ka lebitso la Jehova! Mme ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba, ka baka la ho porofeta ha hae.


Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,


Empa haele moporofeta ya ipeang ka boikgohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba eo ke sa kang ka mo laela yona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la medimo esele, moporofeta eo a shwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos