Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 A tla iswa Babilona, a sale teng ho fihlela mohla ke tla a batla, ho bolela Jehova, ke a tlise, ke a busetse nqalong ena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 ‘E tla nkwa, e iswe Babilona, mme e tla ba moo ho fihlela letsatsi leo ke tla e lata ka lona,’ ho rialo Morena, ‘mme mohlang oo ke tla nyoloha le yona, ke e kgutlisetse sebakeng sena.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:22
24 Referencias Cruzadas  

Haele ditshiya tsa koporo tse ka tlung ya Jehova, le didulwana, le letsha la koporo le ka tlung ya Jehova, Bakalde ba di robaka dikoto, ba isa koporo ya tsona Babilona.


hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, ho fihlela lefatshe le phetha Disabatha tsa lona; la fela la lala ka motsotso wohle oo le ileng la etswa nahathothe ka wona, hore ho be ho phethehe dilemo tse mashome a supileng.


Mesebetsi yohle ya kgauta le ya silefera ya etsa dikete tse hlano tse nang le makgolo a mane. Ntho tseo tsohle, Sheshebatsare a ya le tsona, mohla baholehuwa ba Babilona ba kgutlisetswang Jerusalema.


Haele mesebetsi eo o e neilweng ya tshebeletso ya ntlo ya Modimo wa hao, o e bee pontsheng ya Modimo o Jerusalema.


A qala ho tloha Babilona ka la pele la kgwedi ya pele, a fihla Jerusalema ka le qalang kgwedi ya bohlano, kamoo letsoho le molemo la Modimo le nnileng la eba ho yena kateng.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Ke tla neela maruo kaofela a motse ona, le mesebetsi yohle ya wona, le monono wohle o thata wa wona, le matlotlo kaofela a marena a Juda, ke di neele matsohong a bao e leng dira ho bona, ba tle ba di phahle, ba ye le tsona, ba di ise Babilona.


Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re bakeng sa mafiso a sa setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema:


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


Hobane ho itswe ke Jehova: Dilemo tse mashome a supileng etlare ha di se di phethehile bakeng sa Babilona, ke tla le hopola, ke le etsetse ka mantswe a ka a molemo, ke le busetse nqalong ena.


Mme o tla nkela Tsedekia Babilona; o tla nne a dule teng, ke tle ke be ke mo etele, ho bolela Jehova. Ha le lwana le Bakalde, le ke ke la thusa letho.


Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Eya, o bolelle Tsedekia, morena wa Juda, o re o yena: Ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o tjhese ka mollo.


Mme wena, o ke ke wa phonyoha matsohong a hae, o mpa o tla tshwarwa, o neelwe matsohong a hae; mahlo a hao a tla bona mahlo a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa hao, mme o tla ya Babilona.


o tla shwa ka kgotso; le ho tjhesetswa dibano jwaloka bontatao, marena a pele a bileng teng pele ho wena, o tla tjhesetswa dibano jwalo, mme ba tla o llela, ba re: Jo morena! Hobane nna ke boletse jwalo, ho bolela Jehova.


o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.


ka selemo se qalang puso ya hae, nna Daniele, ka utlwa ka dibuka hore palo ya dilemo tseo Jehova a neng a di boleletse moporofeta Jeremia, tse neng di tla phetheha, Jerusalema a se a senyehile, ke dilemo tse mashome a supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos