Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, o re bakeng sa mafiso a sa setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 e, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:21
9 Referencias Cruzadas  

Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.


Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona.


Mesebetsi yohle ya kgauta le ya silefera ya etsa dikete tse hlano tse nang le makgolo a mane. Ntho tseo tsohle, Sheshebatsare a ya le tsona, mohla baholehuwa ba Babilona ba kgutlisetswang Jerusalema.


Hape, morena Siruse a ntsha dipitsa tsa ntlo ya Jehova tse neng di nkilwe Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a di bea tlung ya modimo wa hae.


Bona, matsatsi a tla ao tsohle tse ka tlung ya hao di tla iswa Babilona, le tsohle tse bokeletsweng ke bontatao ho fihlela la kajeno; ho ke ke ha sala letho, ho bolela Jehova.


Ke tla neela maruo kaofela a motse ona, le mesebetsi yohle ya wona, le monono wohle o thata wa wona, le matlotlo kaofela a marena a Juda, ke di neele matsohong a bao e leng dira ho bona, ba tle ba di phahle, ba ye le tsona, ba di ise Babilona.


ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a sa kang a ya le wona mohla a tshwarang Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, Jerusalema, a ba a mo isa kgolehong Babilona, hammoho le baholo kaofela ba Juda le ba Jerusalema;


A tla iswa Babilona, a sale teng ho fihlela mohla ke tla a batla, ho bolela Jehova, ke a tlise, ke a busetse nqalong ena.


Sera se otlolletse letsoho la sona ka nqa ho tsohle tsa hae tsa bohlokwa, hobane o bone ditjhaba ha di kena sehalalelong sa hae, tseo o neng o laetse hore di se ke tsa kena phuthehong ya hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos