Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ekare ha e le baporofeta, mme lentswe la Jehova le le teng ho bona, ba ke ba rapele Jehova wa makgotla, hore mafiso a sa setseng ka tlung ya Jehova le ka tlung ya morena wa Juda le Jerusalema a se ke a nkelwa Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Empa haeba e le baporofeta, mme eba mantswe a bona ke a Morena, a ba ke ba rapele Morena wa mabotho hona jwale, hore thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema, e se ke ya iswa Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:18
18 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o rapela Modimo, mme Modimo wa fodisa Abimeleke, le mosadi wa hae, le makgabunyane a hae, mme ba nna ba tswala.


Le ntoo bitsa lebitso la modimo wa lona, le nna ke bitse lebitso la Jehova, mme modimo o tlang ho araba ka mollo a e be ke wona Modimo! Setjhaba sohle sa re: O boletse hantle.


Ba nka poho eo ba e neilweng, ba e lokisa, ba bitsa lebitso la Baale ho qala hosasa, ho fihlela motshehare, ba ntse ba re: Oho, Baale, re utlwe! Empa ha ho a ka ha eba lentswe, leha e le karabo. Ba nna ba tlola, ba pota aletare e entsweng.


Morena Esekiase a rapela bakeng seo, a ena le Esaia, mora Amotse, moporofeta, mme ba howeletsa lehodimong.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Na ho ka buswa bobe bakeng sa botle, haele mona ba tjheketse bophelo ba ka lemena na? Hopola hobane ke ne ke ntse ke eme pela hao ho ba buella, hore ke kgelose kgalefo ya hao ho bona.


ba re ho moporofeta Jeremia: Amohela thapelo ya rona, o re rapelle ho Jehova, Modimo wa hao, bakeng sa masala ana kaofela, hobane leha re ne re le bangata, re setse re se re se bakae, kamoo mahlo a hao a re bonang kateng,


Haele wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, o se ke wa phahamisa mohoo leha e le thapelo bakeng sa bona, o se ke wa ntiisetsa matla, hobane ha ke na ho o utlwa.


ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.


Mme ke batlile hara bona hore na motho a ka ba teng ya ka lokisang dikgeo tsa lerako, ya ka emang sekgeong pela ka ho lwanela naha, hore ke se ke ka e timetsa, ke mpa ke sa ka ka mo fumana.


Jwale he, rapelang sefahleho sa Modimo, hore o re hauhele! Taba eo ha e entswe ke lona, na o tla le hlokomela na? Ho botsa Jehova wa makgotla.


Setjhaba sohle sa re ho Samuele: Rapella bahlanka ba hao ho Jehova, Modimo wa hao, re tle re se ke ra shwa; hobane re ekeditse makgopo wohle a rona ka bobe boo ba ho ikopela morena.


Haele nna, nke ke ka sitelwa Jehova, le ho leka, ka ho lesa ho le rapella; ke tla nne ke le rute le tsela e ntle e lokileng.


Ebile bana ba Iseraele ba re ho Samuele: O se ke wa lesela ho re hoelletsa ho Jehova, Modimo wa rona, a tle a re namolele matsohong a Bafilesta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos