Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Bonang, ke na le tseko le ba porofetang ditoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba di bolelang, ba kgelosang setjhaba sa ka ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, mme haele ho thusa, ha ba thuse setjhaba sena letho, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 “Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:32
24 Referencias Cruzadas  

hobane lona, le balohi ba mashano, kaofela ha lona le dingaka tse se nang molemo.


Haele setjhaba sa ka, se hatakelwa ke bana, basadi ba se busa. A setjhaba sa ka! batsamaisi ba hao ba o kgelosa, ba senya tsela eo o tsamayang ka yona.


E moholo le ya hlomphehang ke hlooho, moporofeta ya rutang leshano ke mohatla.


Nkile ka bona bowatla baporofeteng ba Samaria; ba porofetile ka Baale, ba kgelositse setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba le porofetelang; ba le tshepisa bosawana, ba bolela tshenolo ya dipelo tsa bona, e seng e tswang molomong wa Jehova.


Ke utlwile se boletsweng ka baporofeta ba porofetang leshano ka lebitso la ka, ha ba re: Re lorile, re lorile.


Bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baporofeta ba itherellang puo, ba re: Ho boletse Modimo.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa Shemaia, Monehelame: Ekare ha Shemaia a ntse a le porofetela, kanthe ha ke a ka ka mo roma, mme a hlile a le tshepisa ka leshano;


Bonang, le ntse le itshepetse dipolelong tsa lefeela tse sa thuseng letho.


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


Ke mang ya ka bolelang taba e ka etsahalang, ha Morena a sa laele?


baprista ba wona ba tlotlolla nqalo e halalelang, ba kgopamisa molao.


Hobane diterafime di boletse lefeela, dinohe di bone dipono tsa bohata, ke toro tsa thetso tseo ba di bolelang; ba tshedisa ka tsa lefeela. Ka baka leo, setjhaba se tlohile jwaloka mohlape, ba hloreha ke ho hloka modisa.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


Hleka ha ke ne ke rerile jwalo, a ke ne ke etsa bosawana na? Kapa ha ke rera taba, a ke e rera ka nama na, hore e, e, le tjhe, tjhe, di fumanwe hammoho ka ho nna na?


Empa haele moporofeta ya ipeang ka boikgohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba eo ke sa kang ka mo laela yona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la medimo esele, moporofeta eo a shwe.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos