Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 23:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baporofeta ba itherellang puo, ba re: Ho boletse Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 “Ke hanyetsana le baporofeta ba buang ka maleme a bona, ba re: ‘Morena o re,’ ” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:31
12 Referencias Cruzadas  

Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Ho itswe ke Jehova: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.


Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, e le banna ba makgolo a mane, a re ho bona: Hleka re tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re: Nyoloha, Modimo o tla o neela matsohong a morena.


ba reng ho diboni: Le se ke la bona! le ho baporofeta: Le se ke la re porofetela nnete, re bolelleng ditaba tse kgahlisang, le re bonele tse thetsang!


Ho boleleng ba bolella ba nnyedisang, ba re: Lentswe la Jehova le re: Kgotso e tla ba teng ho lona; le ho bohle ba tsamayang ka bothata ba dipelo tsa bona, ba re: Le ke ke la hlahelwa ke bobe.


Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baporofeta ba utswang mantswe a ka, e mong ho e mong.


Bonang, ke na le tseko le ba porofetang ditoro tsa leshano, ho bolela Jehova, ba di bolelang, ba kgelosang setjhaba sa ka ka mashano a bona le ka boikakaso ba bona; kanthe ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, mme haele ho thusa, ha ba thuse setjhaba sena letho, ho bolela Jehova.


Mme moporofeta Jeremia a bolella Hanania moporofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a o roma, mme wena o hlile wa tshepisa setjhaba sena ka leshano.


Mme Hanania moporofeta a shwa selemong sona seo, ka kgwedi ya bosupa.


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Empa haele moporofeta ya ipeang ka boikgohomoso hore a bolele ka lebitso la ka taba eo ke sa kang ka mo laela yona hore a e bolele, leha mohlomong a bua ka lebitso la medimo esele, moporofeta eo a shwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos