Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 17:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ba tla tloha metseng ya Juda, le mathokong a Jerusalema, le naheng ya Benjamine, le lehwatateng, le thabeng, le nqeng ya borwa, ba tlise ditjheso, le mahlabelo, le dinyehelo, le dibano, ba tlise le dineo tsa diteboho ka tlung ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Batho ba tla tla ba etswa metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema; ba etswa le naheng ya Benjamine, le diphuleng, le dithabeng, le naheng e ka Borwa, ba tlise dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo, le dinyehelo tsa dijo, le mokubetso, le dinyehelo tsa teboho, ba di tlise ka tlung ya Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:26
17 Referencias Cruzadas  

Ba dumelana ba ntse ba rorisa, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ho Iseraele ke o sa feleng. Setjhaba sohle sa etsa ditlatse tse kgolo tsa ho rorisa Jehova ka taba ya hobane ho thewa metheo ya ntlo ya Jehova.


Ba mo hlahisetse mahlabelo a teboho, ba bolele diketso tsa hae ka dipina.


Ke tla o hlahisetsa sehlabelo sa teboho, ke rapele lebitso la Jehova.


Ke tla kena ka tlung ya hao ka ditjheso, ke o lefele dikano tsa ka tse tswileng melomong ya ka,


Ha o ka thibela maoto a hao hore a se ke a senya Sabatha, wa tela mosebetsi wa hao ka letsatsi la ka le kgethehileng; ha o ka bitsa Sabatha letsatsi la thabo, letsatsi le kgethehileng la Jehova wa le bitsa kgahliso ya hao, wa le hlompha ka ho lesa ho ya ka ditsela tsa hao, le ka ho se etse mosebetsi wa hao, le ka ho se bue ditaba tsa lefeela;


Ho tla nne ho tswe ho yona diteboho le lentswe la ba nyakallang; ke tla ba anafatsa, ba se ke ba hlola ba boba, ke tla ba tlotlisa, ba tle ba se ke ba kgeswa.


Masimo a tla nne a rekwe ka tjhelete, ba tla nne ba ngole mangolo a theko, ba a tiise, ba nke dipaki lefatsheng la Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e thabeng, le metseng ya lehwatata, le metseng e ka nqa borwa; hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba bona, ho bolela Jehova.


ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.


Metseng e thabeng, le metseng e lehwatateng, le metseng e ka nqa borwa, le naheng ya Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, ho sa tla feta mehlape katlasa letsoho la ya e balang, ho bolela Jehova.


Na ha le elellwe mantswe ao Jehova a neng a a bua ka baporofeta ba pele, ha motse wa Jerusalema o sa ntse o ahilwe, o dutse ka kgotso, metse ya wona e le kamathoko ho wona, naha e ka nqa borwa le lehwatata di sa ahilwe?


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos