Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 17:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ekare ha le nkutlwa, ho bolela Jehova, le sa tsamaise phahlo ka menyako ya motse ona ka tsatsi la Sabatha, le sa etse mosebetsi leha o le mong ka lona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Empa haeba lona le ka mmamela ka hloko,’ ho rialo Morena, ‘la se ke la kenya thoto ka dikgoro tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha, la halaletsa letsatsi la Sabatha ka ho se etse mosebetsi ofe kapa ofe ka lona,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 17:24
11 Referencias Cruzadas  

a re: Ekare ha o mamedisisa lentswe la Jehova, Modimo wa hao, o etsa se lokileng mahlong a hae, o sekehela taelong ya hae tsebe, o boloka melao yohle ya hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng hodima Baegepeta, ha ke sa a tlisa hodima hao, hobane ke nna Jehova, mooki wa hao.


Hopola letsatsi la phomolo ho le kgetha.


Se bone dipere le bakalli ba tsona ba tsamaya ka bobedi, se bone le diesele le dikamele; sa nna sa thea tsebe, sa mamela ka ho ela hloko haholo.


Na le ntshetsa keng seo e seng dijo tjhelete, le ikgathaletsa keng se sa kgoriseng? Mmameleng hle, mme le tla ja se monate, meya ya lona e ithabise ka tse nonneng.


hape, le halaletse Disabatha tsa ka, e be pontsho mahareng a ka le lona, mme ke moo le tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ba leng hole ba tla tla, ba hahe ntlo ya Jehova, mme le tla tseba hobane Jehova wa makgotla o nthomile ho lona; ho tla ba jwalo, ha le utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa lona.


Etlare ha le mamedisisa ditaelo tsa ka tseo ke le laelang tsona kajeno, ha le rata Jehova, Modimo wa lona, le mo sebeletsa ka dipelo tsa lona tsohle, le ka meya ya lona yohle,


Hobane, ekare ha le boloka hantle ditaelo tsohle tseo ke le laelang tsona kajeno ho etsa ka tsona, le rata Jehova, Modimo wa lona, le tsamaya ditseleng tsa hae kaofela, le mo kgomarela,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos