Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 10:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya betsa baahi ba lefatshe ka letjeketjane, ke ya ba patisa, ba tle ba tshwarwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Morena o bua tjena: “Ke tla tjekeletsa baahi ba naha ena, kantle ho yona, ke ba sotle, ke ba bakele mahlomola!”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 10:18
11 Referencias Cruzadas  

Bona, Jehova o tla o tshwara, a o lahlele hole ka matla;


Ka bake leo, ke tla le lelekisa lefatsheng lena, ke tle ke le ise lefatsheng le sa tsejweng ke lona le bontata lona, mme le tla sebeletsa medimo esele teng, motshehare le bosiu, hobane ha ke sa na ho le rekolohela.


Ke tla o lahlela, wena le mmao ya o tswetseng, lefatsheng lesele moo le sa kang la tswallwa teng, mme le tla shwela teng.


Bohale ba Jehova bo ke ke ba kgutla, a eso ho etse le ho phetha kgopolo ya pelo ya hae; mehleng ya morao le tla hlalohanya teng ka hlalefo.


Mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova: hase lefeela ha ke ne ke itse: Ke tla ba ntsha kotsi eo.


Ke tla bea batho tlokotsing, mme ba tla tsamaya jwaloka difofu, kahobane ba sitetswe Jehova; madi a bona a tla tshollwa jwaloka lerole, le nama ya bona jwaloka bolokwe.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


Se tla o thibella metseng yohle ya hao, marako a hao a malelele, a matla, ao o a tshepileng naheng yohle ya hao, a be a wele fatshe; se tla o thibella metseng yohle ya hao lefatsheng lohle leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


Leha motho a ka tsoha ho o hlorisa le ho o bolaya, moya wa monghadi o tla phuthelwa sephuthelong sa ba phelang ho Jehova, Modimo wa hao. Haele bophelo ba dira tsa hao, bo tla lahlelwa hole, ka mokgwa o kang wa tswibila.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos