Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?
Bana ba Benjamine, balehang hara Jerusalema, le letse terompeta Tekowa; hlahisang pontsho ya mollo Bethe-Hakkereme, hobane tsietsi e tla ho rona, e hlahile nqa leboya le tshenyo e kgolo.
Se tla o thibella metseng yohle ya hao, marako a hao a malelele, a matla, ao o a tshepileng naheng yohle ya hao, a be a wele fatshe; se tla o thibella metseng yohle ya hao lefatsheng lohle leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.