Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 9:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane bolotsana bo hotetse jwaloka mollo; bo tjhesa meutlwa le dibajwa, bo tukisa meru e teteaneng, mme eo e fella mosing o lopallang hodimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ruri bokgopo bo tuka sa mollo, bo tjhesa hlabahlabane le meutlwa, bo hotetsa le meru e teteaneng, mosi o foqohe, o lebe hodimo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 9:18
36 Referencias Cruzadas  

Jwale, setjhaba sa Iseraele sa kgaohana koto tse pedi, se seng sa latela Thibni, mora Ginathe, ho mmea morena; se seng sa latela Omri.


Ba bolotsana ba ya fela, bao e leng dira ho Jehova ba tla timela jwaloka makgulo a matle, ba timele jwaloka mosi.


O ba fiele jwaloka mosi o fielwang ke moya; jwaloka sehlotla sa dinotshi se qhibidihang pela mollo, ba bolotsana ba timele jwalo pela Modimo.


jwaloka mollo ha o qeta moru, le jwaloka lelakabe ha le tjhesa dithaba.


Morui o tla fetoha twala, mosebetsi wa hae e be hlase ya mollo, ba tla tjha hammoho, ya ba timang o tla hlokahala.


Lefatshe la lona ke nahathothe, metse ya lona e tjhesitswe ka mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona mahlong a lona; tshenyo eo e jwaloka ya naha e sentsweng ke dira.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Ha ke sa na bohale; leha ho le jwalo, ha nka kgahlana le dibajwa le meutlwa, ke tla lwana le tsona, ke itihele ho tsona, ke di tjhese kaofela ha tsona.


Mme batho ba tla jana, e mong le e mong a jewe ke wa habo; mohlankana o tla tsohela motho ya hodileng matla, le ya nyatsehang a tsohele ya hlomphehang matla.


Jehova o tla utlwahatsa ditlatse tsa lentswe la hae, a bontshe ho oma ha letsoho la hae, le kgalefo ya bohale, le mollo wa lelakabe le tjhesang, le phatloho ya leru, le tsholoho ya pula, le majwe a sefako.


Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.


Ditjhaba di tla tjha jwaloka kalaka ha e beswa, di tjheswe ka mollo jwaloka meutlwa e remilweng.


Baetsadibe ba Sione ba tla thothomela; tshoho e tla tshwara baikaketsi, ba tla re: Ke mang hara rona ya tla tiya, a eme pela mollo o tjhesang? Ke mang ya tla tiya, a eme pela malakabe a sa timeng?


Ka baka leo, jwaloka malakabe a mollo ha a eja ditlhaka, le kgabo ha e tjhesa hlaha, motso wa bona o tla bola, o fele jwalo, le palesa ya bona e tla foforeha jwaloka lerole, hobane ba nyatsitse molao wa Jehova wa makgotla, ba nyedisitse lentswe la Mohalaledi wa Iseraele.


Bonang, lona kaofela bao le hotetsang mollo, bao le tshwarang dirumula, le tla wela malakabeng a mollo wa lona le hara dirumula tseo le di hoteditseng. Le tla welwa ke ntho tseo, di etswa letsohong la ka, le rapalle bohlokong.


Ba kobile maleme a bona jwaloka seqha, ho betsa leshano; hase ka bokgabane ba natlafalang lefatsheng, hobane ereha ba etswa bobeng bo bong, ba ye ba tlolele bobeng bo bong; mme ha ba ntsebe, ho bolela Jehova.


Ka baka leo, ba tla ba jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoko e tlohang kapele, jwaloka mooko o fefolang seotlong, le jwaloka mosi ha o fefolwa, o etswa ka lesoba le leifo.


Haele sera seo se tswang nqa leboya, ke tla se tlosa hara lona, ke se lelekele lefatsheng le sebataolo, le omileng; makgotla a sona a etellang pele ke tla a akgela lewatleng la Botjhabela, le a morao a qeteletseng ke a akgele lewatleng la Bophirimela; monko wa sona o tla phahama, le ho bola ha sona ho nyolohe, hobane se re, se entse tse kgolo.


Kapele ho sona mollo o a tjhesa, le kamorao ho sona lelakabe le a timeletsa. Naha e kapele ho sona, e jwaloka tshimo ya Edene; kamorao ho sona ke sebataolo; ha ho letho le siilweng ke sona.


Ke ena pono eo Morena Jehova a neng a ntlhahisetse yona. Bonang, Morena Jehova a bitsa mollo ho kgalemela ka wona; wa qeta bodiba bo boholo, wa qala ho tjhesa le lefa la Jehova.


Ntlo ya Jakobo e tla ba mollo, ntlo ya Josefa e be lelakabe, ntlo ya Esau e be jwaloka matlakala; ba tla e tjhesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong wa ntlo ya Esau, hobane Jehova o boletse.


Hobane, leha ba rarellane jwaloka meutlwa, mme ba tahilwe ke seno sa bona, ba tla tjheswa kaofela jwaloka mooko o omileng.


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


Hobane bonang, letsatsi le a tla, le tjhesang jwaloka mollo wa sebopi, mme baikgohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba jwaloka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa, ho bolela Jehova wa makgotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Hobane mollo o hoteditswe kgalefong ya ka, mme o tla tjhesa ho isa tlase nqalong ya bafu; o tla tjhesa lefatshe le tse behwang ke lona, o tjhese le metheo ya dithaba.


Empa haele le medisang meutlwa le dibajwa feela, lona le ye le lahlwe, le okamelwe ke thohako, mme taba ya lona ya qetello ke ho tjheswa.


Mosi wa hlokofalo ya bona o nyoloha kamehla le mehla, mme barapedi ba sebata le ba setshwantsho sa sona ba ke ke ba eba le phomolo bosiu le motshehare, leha e le ba amohetseng letshwao la lebitso la sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos