Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 7:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Di tla tla, di dule kaofela dikgutlong tse dilomo, le mafarung a mafika, le dihlahleng tsohle, le makgulong wohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Di tla tla tsohle, di fihle di hahele dikgohlong tse tebileng, le mafarung a mafika, le hara difate tsohle tsa leoka, le hara makgulo wohle.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 7:19
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


batho ba tla balehela mafarung a mafika le mesimeng ya lefatshe, ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.


a tle a tshabele dikoting tsa mafika le mafarung a mafika ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.


ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.


Bakeng sa sehlahla ho tla mela kiprese, le mirte sebakeng sa moutlwa, mme hoo ho tla tumisa lebitso la Jehova, e be kgopotso e sa feleng, e ke keng ya fediswa.


Naha eo e tla kenwa ka metsu le diqha, hobane naha kaofela e tla tlala dibajwa le meutlwa.


Dithaba tsohle tse neng di lengwa ka mehoma, ho ke ke ha hlola ho tsamauwa ho tsona ka baka la ho tshaba dibajwa le meutlwa, empa di tla etswa makgulo a dikgomo, di hatakelwe ke manku.


Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.


Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba.


Ke tla ba letsetsa molodi, ke ba bokelle, hobane ke ba lopolotse, mme ba tla ata jwalokaha ba ne ba atile pele.


Le tla ba tseba ka ho beha ha bona. Ana morara o kgolwa meutlweng, kapa a difeiye di kgolwa dibajweng na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos