Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 64:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hoja o ka theoha jwaloka mollo o tjhesang hlaha, mollo o bedisang metsi, dira tsa hao di ne di tla tseba lebitso la hao, ditjhaba di ne di tla thothomela pela hao;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Jwalokaha mollo o hotetsa patsi, metsi a bele, le wena theoha, dira tsa hao di tsebe bitso la hao, o etse hore tjhaba di thothomele ha di o bona!

Ver Capítulo Copiar




Isaia 64:2
31 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, o ba bolokile ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.


Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


Ke ka baka lang ha ditjhaba di ka re: Modimo wa bona o kae? Phetetso ya madi a bahlanka ba hao a tsholohileng a e ke e bonahale ditjhabeng pontsheng ya rona!


Modimo wa ka, ba be pela hao jwaloka setsokotsane, jwaloka mooko o fefolwang ke moya,


Jehova, sohlometsa botshabeho ba hao hara tsona, ditjhaba di tle di utlwe hoba ke batho feela! (Sela.)


Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela.


Ke tla thatafatsa pelo ya Faro, a tle a ba phallele, mme ke tla itlotlisa ka Faro le ka sera sa hae kaofela, Baegepeta ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Yaba ba etsa jwalo.


Hobane Jehova o tla ema jwalokaha a entse thabeng ya Peratsime, o tla halefa jwalokaha a entse sekgutlong sa Gibeone, a tle a sebetse mosebetsi wa hae: mosebetsi wa hae ke o makatsang; a etse ketso ya hae: ketso ya hae ke e tsotisang.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane o Modimo o nnotshi, wena Jehova!


ya neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le kganyang la hae, a arola metsi pela bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng;


Motse ona ho nna e tla ba lebitso la thabo le dithoko le kganya pela ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tlang ho utlwa molemo kaofela oo ke tla o etsetsa wona; di tla tshaba, di thothomele ka baka la molemo wohle le la boiketlo bohle boo ke tlang ho o etsetsa jona.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Ka baka leo, o tla bona seo ke tla se etsa ho wena, Iseraele! — Erekaha ke tla o etsa hoo, o itokisetse ho kgahlana le Modimo wa hao, Iseraele!


dithaba di tla qhibidiha katlasa hae, dikgohlo di petsohe, jwaloka makgeha a dinotshi ha a le pela mollo, le jwaloka metsi a tsholletsweng motheong.


Maoto a hae a tla ema, ka tsatsi leo, hodima thaba ya Mehlwaare e pela Jerusalema ka nqa botjhabela; mme thaba ya Mehlwaare e tla petsoha, ho qala ka bohare ho isa nqa botjhabela le nqa bophirimela, ho be ho hlahe kgohlo e kgolohadi; karolo e nngwe ya thaba e tla suthela nqa leboya, e nngwe e suthele nqa borwa.


Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos