Isaia 64:2 - BIBELE2 Jwalokaha mollo o hotetsa patsi, metsi a bele, le wena theoha, dira tsa hao di tsebe bitso la hao, o etse hore tjhaba di thothomele ha di o bona! Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 Hoja o ka theoha jwaloka mollo o tjhesang hlaha, mollo o bedisang metsi, dira tsa hao di ne di tla tseba lebitso la hao, ditjhaba di ne di tla thothomela pela hao; Ver Capítulo |
Lebitso la motse ona le tla nthabisa, e be thoriso le tlotla ho ditjhaba tsohle tsa lefatshe, tse tlang ho utlwela tsohle tse molemo, tseo ke di etseditseng motse ona. Ditjhaba tseo di tla tshaba, di thothomele ka baka la tsohle tse molemo, le ka baka la nala yohle, e leng tseo ke di etseditseng motse ona.