Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 59:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke ka baka leo tokiso e leng hole le rona, mme ho loka ho sa fihle ho rona; re lebeletse lesedi, mme bonang, ke lefifi; re lebeletse kganya, mme re tsamaya botshong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ka baka leo, toka e hole le rona, le ho loka ha ho fihle ho rona. Re batla lesedi, empa re bona lefifi, re batla kganya, empa re tsamaya lefifing.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 59:9
21 Referencias Cruzadas  

O thibile mmila wa ka hore ke se ke ka feta, mme tseleng ya ka o beile lefifi.


Ke ne ke lebeletse lehlohonolo, mme ke tletswe ke kotsi; ke ne ke lebeletse lesedi, mme lefifi le fihlile.


Ha ba na hlalefo, leha e le kutlwisiso; ba tsamaya lefifing; metheo kaofela ya lefatshe e a kgwehla.


Empa tsela ya baetsadibe e jwaloka lefifi la bosiu, ha ba tsebe moo ba tla wela teng.


Tsatsing leo, ho tla duma hodima Juda, jwalokaha ho duma lewatle; ha ho tadingwa lefatshe, ho tla bonwa lefifi le mahlomola, hodima lesedi le tla fifatswa ke maru.


Re bokolla bohle jwaloka dibere, re lla jwaloka maebakgorwana; re lebeletse ho loka, mme ha ho hlahe; re lebeletse le poloko, mme e a re balehela.


Tokiso e suthise ditswe morao ke hona, ho loka ho eme hole le rona, hobane nnete e wele lepatlelong la motse, mme ho loka ho sitwa ho kena.


Ha ba tsebe tsela ya kgotso, ho loka ha ho yo mekgweng ya bona; ba iketseditse ditsela tse kgopo; e mong le e mong ya tsamayang ho tsona ha a tsebe kgotso.


Se tla solla lefatsheng hara hloreho le tlala; ha se lapa, se tla fellwa ke pelo, se rohake morena wa sona le Modimo wa sona; leha se lelala hodimo,


leha se leba fatshe, e tla ba tsieleho le lefifi le matswalo a tshabehang, mme se tla tebela botshong.


Neang Jehova, Modimo wa lona, letlotlo, a eso ho hlahise lefifi, maoto a lona a eso ho kgoptjwe dithabeng tsa bosiu, a eso ho fetole lesedi leo le le lebeletseng moriti wa lefu, le ho hlahisa botsho.


Na o lahlile Juda ruri, kapa pelo ya hao e tennwe ke Sione na? O re otlile keng, ho se phodiso ho rona? Re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le nako ya phodiso, empa bonang, ho a tshabeha.


Re ne re ntse re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le letsatsi la phodiso, mme bonang, ho a tshabeha.


O ntsamaisitse, a nkisa lefifing, e seng leseding.


Ba nnile ba dikadika jwaloka difofu mapatlelong, ba itshilafaditse ka madi, mme diaparo tsa bona di ne di se na ho angwa.


Ka tsatsi leo, ho itswe ke morena Jehova: Ke tla diketsa letsatsi motshehare o moholo lefifi ke le hlahise lefatsheng nyene.


Hobane moahi wa Marothe (ho baba) o kula ke ho llela molemo, hobane kotsi e tswile ho Jehova, e fihlile monyako wa Jerusalema.


Wena ya mahlo a hlwekileng a tshabanang le bobe, ya sitwang ho tadima hloriso, o tadimelang bathetsi? O kgutsetsang, ha molotsana a metsa ya mo fetisang ka ho loka?


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos