Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 59:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ha ba tsebe tsela ya kgotso, ho loka ha ho yo mekgweng ya bona; ba iketseditse ditsela tse kgopo; e mong le e mong ya tsamayang ho tsona ha a tsebe kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Tsela e isang kgotsong ha ba e tsebe, mehlaleng ya bona toka ha e fumanwe. Tsela tsa bona ke tse matswedintsweke, ya tsamayang ho tsona a ke ke a fumana kgotso.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 59:8
20 Referencias Cruzadas  

Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!


ba furaletseng tsela ya ho loka, ba tsamayang ka tsela ya lefifi,


bao ditsela tsa bona di kgelohileng, le metsamao ya bona e kgopameng;


Motho eo tsela ya hae e leng kgopokgopo, o furallane le botle; empa diketso tsa motho ya kgabane di lokile.


Ya tsamayang ho lokeng o tla bolokeha; empa ya kgopo, ya yang ka tsela tse pedi, o tla wela ho e nngwe.


Ditsela tsa bona ke ditsela tse kgahlehang, mebila ya bona ke kgotso.


Ha ho kgotso e boloketsweng ba bolotsana, ho bolela Jehova!


Ruri, tshimo ya merara ya Jehova wa makgotla ke ntlo ya Iseraele, banna ba Juda ke ditlama tseo a neng a kgahliswa ke tsona; o ne a lebeletse ho loka, empa a bona hloriso, a lebella kahlolo, empa a bona mohoo wa hloreho.


Re bokolla bohle jwaloka dibere, re lla jwaloka maebakgorwana; re lebeletse ho loka, mme ha ho hlahe; re lebeletse le poloko, mme e a re balehela.


Ke ka baka leo tokiso e leng hole le rona, mme ho loka ho sa fihle ho rona; re lebeletse lesedi, mme bonang, ke lefifi; re lebeletse kganya, mme re tsamaya botshong.


Ke bile ke ntshitse matsoho a ka ka matsatsi wohle, ho a otlollela setjhaba se ikgantshang, se latelang mehopolo ya sona tseleng e kgopo;


Eyang le diterata tsa Jerusalema, le tadime, le itsebele tsa teng, le batle mapatlelong a teng, ha le ka fumana motho wa sebele, ha e mong a ka ba teng ya etsang ka ho loka, ya phehellang nnete, ke tle ke hauhele motse.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le ntsha karolo ya leshome ya kwena le anetha le kumine, mme le siya hoo e leng boholo ba molao, e leng tokiso, le mohau, le tumelo; anthe le ne le tshwanetse ho etsa ntho tsena, le ntse le sa tlohele ho etsa tseno.


hore a bonese ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, mme a tsamaise maoto a rona tseleng ya kgotso.


ha ba tsebe tsela ya kgotso;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos