Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 48:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ka baka la lebitso la ka, ke dieha ho hlahisa kgalefo ya ka; ka baka la kganya ya ka, ke itshwere bakeng sa hao, ke se ke ka o fedisa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Ka baka la lebitso la ka, kgalefo ya ka ke a e thisisa, ka baka la thoriso ya ka e ke ke ya fihla ho wena, esere mohlomong ka tshoha ke o timetsa.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 48:9
22 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, o ba bolokile ka baka la lebitso la hae, a tle a bonahatse matla a hae.


Jehova, o boele o mphedise ka baka la lebitso la hao; ka ho loka ha hao o ntshe moya wa ka tsielehong;


Ka baka la lebitso la hao, Jehova, o ntshwarele bokgopo ba ka, leha bo le boholo.


Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,


Oho Modimo wa poloko ya rona, ka baka la kganya ya lebitso la hao, o re thuse, o re namolele, o re tshwarele dibe tsa rona, ka baka la lebitso la hao.


Maele a motho a mo etsa ya sebete; kganya ya hae ke ho mamella ho sitelwa ke ba bang.


Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!


Hobane ke tla sireletsa motse wona, ke o pholose, ka baka la ka le la Davida, mohlanka wa ka.


Ke nna, ke nna ya tlosang ditlolo tsa hao ka baka la ka; ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa hao.


Ka baka la ka, la ka ka sebele, ke tla etsa hoo, hobane lebitso la ka le ka nyefolwa jwang? Nke ke ka nea e mong kganya ya ka!


Ho itswe ke Jehova: Jwaloka batho ha ba fihlela metsi ditholwaneng tsa morara, ba re: Se di senyeng, hobane nala e teng ho tsona, ke tla etsa jwalo ka baka la bahlanka ba ka, ke se ke ka ba timetsa bohle.


Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke tle ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


Ka mpa ka honyetsa letsoho la ka, ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ke neng ke ba ntshitse pela tsona.


mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ke le etsang tse jwalo, ka baka la lebitso la ka, e seng ka ho ya ka mekgwa e mebe ya lona, leha e le ka diketso tse bodileng tsa lona, ntlo ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


Ka mpa ka etsa ka baka la lebitso la ka, hore ke se ke ka le hlompholla pela ditjhaba tseo ba neng ba le ho tsona, tseo ke neng ke ipoletse ho bona pela tsona, ka re, ke tla ba ntsha naheng ya Egepeta.


Ka mpa ka qenehela lebitso la ka le kgethehileng, leo ba ntlo ya Iseraele ba le sentseng ditjhabeng tseo ba neng ba fihle ho tsona.


Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?


Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos