Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 48:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bona, ke o hlwekisitse, empa ha ke a ka ka fumana silefera; ke o lekile seboping sa mahlomola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Bona! ke o hlwekisitse, le hoja e se sa silefera; ke o lekile ka seboping sa matshwenyeho.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 48:10
18 Referencias Cruzadas  

Hobane ke setjhaba sa hao, ke lefa la hao, hobane o ne o ba ntshe Egepeta, seboping sa tshepe.


Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.


Silefera e na le moo e rafshwang teng, kgauta e na le moo e tjhekwang teng, hore e be e hlwekiswe;


Hobane wena, Modimo, o re lekile, wa re tshekisa ka mollo jwalokaha ho tshekiswa silefera,


Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.


Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.


seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke tla ba lekola, ke ba leke; hobane nka be ke etsa jwang bakeng sa moradi wa setjhaba sa ka?


ke tla kgetha baikgantshi le ba nkganang hara lona, ke tle ke ba ntshe naheng eo ba ahelletseng ho yona; empa ba ke ke ba kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Haele lona, Jehova o le nkile, mme o le ntshitse Egepeta, seboping sa tshepe, hore le be setjhaba sa hae ka sebele, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


Baratuwa, ha ho ena le ho kang mollo hara lona hore le lekwe ke wona, se makaleng jwaloka hola le hlahetswe ke ntho e ka tsotwang;


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos