Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 47:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “Ke ne ke halefetse setjhaba sa ka, ka hlompholla lefa la ka; ka neelana ka sona matsohong a hao, mme wena wa se hlokela mohau. Esita le maqheku ao e se le mobu, wa a belesa joko e boimahadi.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 47:6
28 Referencias Cruzadas  

Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.


Ha ntate a le jarisitse joko e boima, nna ke tla eketsa boima ba joko ya lona; ha ntate a le otlile ka diphafa nna ke tla le otla ka diphepheng.


Empa moporofeta wa Jehova o ne a le teng, ya bitswang Odede; a tswela ho ya kgahlanyetsa sera se neng se kgutlela Samaria, mme a re: Bonang, Jehova, Modimo wa bontata lona, ka baka la ho halefela Bajuda, o tswa ba neela matsohong a lona; mme le ba bolaile ka bohale bo ileng ba ya fihla le mahodimong.


Jehova a laela hore morena wa Bakalde a ba futuhela; a bolaya bahlanka ba bona ka lerumo, ka tlung ya sehalalelo sa bona, mme ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le morwetsana, kapa leqheku, kapa motho ya moriri o moputswa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona.


A isa Babilona kgolehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong; ya eba bafo ba hae le ba bara ba hae ho ya fihla pusong ya mmuso wa Persia;


Empa eitse hobane bontata rona ba halefise Modimo wa mahodimo, wa ba neela matsohong a Nebukadnesare Mokalde, morena wa Babilona; ke yena ya neng a fedise ntlo ena, a ba a isa setjhaba Babilona kgolehong.


Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng.


Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.


Bana ba bona ba tla pshatlwa pela mahlo a bona, mesebetsi e matlung a bona e lobelwe, basadi ba bona ba betwe.


ya entseng lefatshe nahathothe, ya rapaladitseng metse ya lona, ya sa kang a lokolla ba kgolehong ya hae na?


ba neng ba ntse ba otla ditjhaba ka kgalefo, ba neng ba hlola ditjhaba ka bohale, ba ntse ba di hlorisa, ba sa di fe sebaka.


Ke ka baka leo ke nyedisitseng marena a sehalalelo, mme ka neela Jakobo ho rohakwa, le Iseraele ho nyediswa.


Ba tshwere seqha le lerumo, ba bohalehale, ha ba na ho hauhela; lentswe la bona le duma jwaloka lewatle, ba palamile dipere, ba hlomeletse ntwa jwaloka motho ya tlang ho o lwantsha, wena moradi wa Babilona.


Joko ya makgopo a ka e tlamilwe ke matsoho a hae; a thatilwe, a boima molaleng wa ka; o fedisitse matla a ka; Morena o nneetse matsohong a eo ke sitwang ho mo hanela.


Ba nkutlwa ha ke ntse ke fehelwa; ha ho ya ntshedisang; bao e leng dira ho nna kaofela ba utlwile tsietsi ya ka, ba thabetse seo o se entseng; o tla hlahisa tsatsi leo o le beileng, ba tle ba tshwane le nna.


Morena o ripitlile meaho kaofela ya Jakobo, a sa qenehele letho; ka bohale bo tukang ba hae a ripitla metse e marako ya moradi wa Juda, a e dihela fatshe, a senya mmuso le marena a wona.


Sefahleho sa Jehova se ba qhalantse, ha a sa tla boela a ba tadime. Ha ba ka ba re letho ka baprista, ha ba ka ba hauhela maqheku.


Marena a mang a fanyehwa ke matsoho a bona, sefahleho sa baholo ha se a ka sa hlonephuwa.


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


Ka boholo ba kgwebo ya hao o tlatsitse bothata ha hao, mme o entse sebe; ka ba ka o leleka thabeng ya Modimo, ka ho re, o mohlompholli; ke o timeditse, wena kerubime ya mosireletsi, o le majweng a benyang.


Ka baka la bolotsana boo o bo entseng ho ngwaneno Jakobo, o tla apeswa ka dihlong, o timeletswe ruri, ho isa ka ho sa yeng kae.


Hobane jwalokaha le nwele thabeng ya ka e kgethehileng, ditjhaba tsohle di tla nne di nwe, di inwelle, di kwenye, di be di be jwaloka hoja di sa ka tsa eba teng.


Yaba lengeloi la Jehova le ahlamisa molomo wa lona, la re: Jehova wa makgotla, o tla lesela ho le hokae ho hauhela Jerusalema le metse ya Juda eo o e halefetseng ka dilemo tsena tse mashome a supileng na?


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona; mme tekanyo eo le lekanyang ba bang ka yona, le tla lekanyetswa ka yona le lona.


setjhaba se thata, se ke keng sa tadima maqheku ka mohau, leha e le ho hauhela ba batjha.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos