Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 47:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Dula, o kgutse, mme o kene lefifing, wena moradi wa Bakalde, hobane ha o sa tla hlola o bitswa mofumahadi wa mebuso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Dula o kgutsitse, o kene hara lefifi, wena moradi wa Bakalatiya, ha o sa tla bitswa mofumahadi wa mebuso.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 47:5
25 Referencias Cruzadas  

Jehova, ke se ke ka swaba, hobane ke bitsa ho wena! Ho ke ho swabe bakgopo, ba be ba kgutse nqalong ya bafu.


Tlohelang, mme le tsebe hoba ke nna Modimo o busang ditjhaba, o busang lefatshe!


Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.


Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.


le tla ithorisa hodima morena wa Babilona ka sefela, le re: Na mohlorisi o fedile jwang? Botubo ha bo le siyo, ke ka mokgwa o jwang?


Bonang, ho hlahile dipere le bakalli ba tsona ba tsamayang ka bobedi. Sa eketsa sa re: O wele, Babilona o wele; ditshwantsho tsohle tsa medimo ya hae di bolaetswe fatshe.


Tshohang, lona ba ahileng naheng e sikang le lewatle, e neng e tlala bahwebi ba Sidone ba haolang ka lewatle!


Theoha, o dule leroleng, wena morwetsana, moradi wa Babilona! Dula fatshe ho se terone, moradi wa Bakalde; hobane ha o sa tla hlola o bitswa ya baballwang, ya phelang menateng.


O ne o re: E se e le nna mofumahadi ka ho sa yeng kae! Mme wa ya o se na kelello tabeng tsena, o sa hopole bofello ba tsona.


Ke tla kgutsisa ho bona lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, modumo wa lelwala le lesedi la lebone.


Re ituletse keng? Phuthehang, re kene metseng e diqhobosheane, re tle re felle teng, hobane Jehova, Modimo wa rona, o ya re fedisa, o ya re nosa metsi a mahloko, hobane re sitetswe Jehova.


O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?


Baholo ba moradi wa Sione ba ituletse fatshe, ba ikgutseditse, ba ithuntsheditse dihlooho ka lerole, ba itlamile ka lesela le mahwashe. Barwetsana ba Jerusalema ba kobotetse fatshe ka dihlooho tsa bona.


Empa Jehova o ka tempeleng ya hae e kgethehileng ... Lefatshe lohle le ke le thole pela hae!


Lona dibopuwa tsohle, tholang pela Jehova! hobane o tsohile bodulong ba hae bo kgethehileng.


ke maqhubu a hlanyang a lewatle, a akgelang mafilo a ditshila tsa wona mane le mane; ke dinaledi tse kgerang, tse lokiseditsweng botsho ba lefifi la bo sa feleng.


Haele mosadi eo o mmoneng, ke motse o moholo o busang marena a lefatshe.


Mo hlokofatseng, le be le mo hlomodise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ya hae: Ke dutse ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme nke ke ka tseba bofifi.


O tla tiisa maoto a ba mo ratang, bakgopo bona ba tla kgutsiswa lefifing; hobane ha ho motho ya ka hlolang ka matla a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos