Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 45:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ka baka la Jakobo, mohlanka wa ka, le la Iseraele, mokgethwa wa ka, ke o bitsitse ka lebitso la hao, ka o kgetha, o eso ho ntsebe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka baka la Jakobo, mohlanka wa ka, ka baka la Iseraele, mokgethwa wa ka, ke o bitsitse ka lebitso la hao, ka o rea bitso le hlomphehang leha o sa ka ntseba.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 45:4
18 Referencias Cruzadas  

lona, lesika la Abrahama, mohlanka wa hae; lona, bana ba Jakobo, bakgethwa ba hae!


E be lefa la Iseraele, mohlanka wa hae: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.


Empa jwale, mamela, Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Iseraele eo ke o kgethileng!


ke bolelang Siruse ka ho re: Ke modisa wa ka, o tla etsa se ratwang ke nna, o tla re ho Jerusalema: O tla tsoswa, le ho tempele: O tla thewa.


Le hojane matsatsi ao a se ke a kgutshofatswa palo, ho ne ho ke ke ha phonyoha motho; empa ka baka la bakgethwa, matsatsi ao a tla kgutshofatswa.


Le hojane Morena a sa ka a kgutshofatsa matsatsi ao, ekabeba ho ne ho ke ke ha phela motho; empa ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng, o kgutsofaditse matsatsi ao.


Hobane ke itse ke ya le motse, ke tadimile ditshwantsho tse medimo ya lona, ka fihlela le aletare moo ho ngodilweng lengolo le kgethelo le reng: Ho Modimo o sa tsejweng! Modimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke wona oo nna ke le bolellang wona.


Ho jwang jwale? Seo Iseraele a neng a se batla, ha a ka a se fumana; empa bakgethwa ba se fumane, athe ba bang ba thatafaditswe;


Leha ho le jwalo, hase hore lentswe la Modimo le wele; hobane hase bohle ba tswileng ho Iseraele e leng Baiseraele.


mehleng eo, le ne le le kantle ho Kreste, le ne le kgaohane le setjhaba sa Iseraele, le ne le se na kabelo dilekaneng tsa pallo, le se na tshepo, le se na Modimo lefatsheng.


e seng ditakatsong tse mpe, jwaloka bahetene ba sa tsebeng Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos