Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 45:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke nna Jehova, mme ha ho e mong; ha ho Modimo, haese nna; ke o hlomedisitse, leha o ne o sa ntsebe;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 “Ke nna Morena, ha ho na e mong, kantle ho nna ha ho na Modimo. Ke tla o matlafatsa, le hoja o sa ntsebe,

Ver Capítulo Copiar




Isaia 45:5
28 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe hobane Jehova ke Modimo, ha ho o mong.


Ho itswe ke Siruse, morena wa Bapersia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; hape, o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda.


o roba molamu wa marena, o tlama matheka a wona ka mehala.


o tshela dihlong hodima mahosana, o lokolla senyepa sa ba matla.


Ke mang e leng Modimo, haese Jehova? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona?


Ke Modimo o ntlamileng ka senyepa sa matla, mme o ntsamaisa ka tsela e lokileng.


O entse maoto a ka a kang a kgama e tshehadi, o mpeile diphahameng tsa ka.


O ntlamile ka matla ke tle ke lwane, wa nkokobeletsa ba ntsohetseng matla.


Hobane o moholo, o etsa meeka, o Modimo o nnotshi.


Hobane ka lekgetlo lena ke tla romela dikotsi tsa ka tsohle pelong ya hao, le hodima bahlanka ba hao, le hodima setjhaba sa hao, hore o tle o tsebe hobane ha ho ya tshwanang le nna lefatsheng lohle.


ke tla mo apesa kobo ya hao, ke mo tlame ka senyepa sa hao, ke bee puso ya hao letsohong la hae; e tla ba ntata ba ahileng Jerusalema le wa ntlo ya Juda.


Jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re namolele matsohong a hae, mebuso yohle ya lefatshe e tle e tsebe hobane o Modimo o nnotshi, wena Jehova!


Ke lona dipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le yena mohlanka wa ka eo ke mo kgethileng, hore le tle le tsebisise, mme le ntumele, mme le ikutlwele hobane ke nna. Ha ho Modimo o bileng teng pele ho nna, mme o mong o ke ke wa eba teng kamorao ho nna.


Ho itswe ke Jehova, Morena wa Iseraele le Molopolli wa hae, Jehova wa makgotla: Ke nna wa pele le wa morao; haese nna, ha ho Modimo.


Le se ke la tshoha, le se tshabe! Na hase kgale ke o boleletse taba tseo, ka o tsebisa tsona na? Ke lona dipaki tsa ka! Na o teng Modimo, haese nna na? Ha ho lefika le leng; ha ke le tsebe.


Jehova o bolela ho motlotsuwa wa hae, ho Siruse, eo a mo tshwereng ka letsoho la hae le letona, ho hlola ditjhaba pela hae, ho tlamolla dinyepa tsa marena mathekeng a wona, le ho bula menyako pela hae, hore menyako e se ke ya kwalwa, o re:


hore batho ba tle ba tsebe, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, hoba ha ho Modimo o mong, haese nna; ke nna Jehova, ha ho e mong.


Hopolang diketso tsa pele tse etsahetseng kgale, hobane ke nna Modimo o matla, mme ha ho o mong; ke nna Modimo, mme ha ho ya jwaloka nna.


Jwale, mamela taba ena, wena ya phelang menateng, ya dutseng o sa tshohe letho, wena ya reng pelong ya hao: Ke nna, ha ho e mong, haese nna; nke ke ka ba mohlolohadi; nke ke ka tseba seo ho hloka bana ho leng sona!


Ke mpa ke tla natlafatsa matsoho a morena wa Babilona, ke tla bea lerumo la ka letsohong la hae, ke robe matsoho a Faro, a fehelwe pela hae ka mefehelo ya motho ya hlabilweng.


Le tla tseba hobane ke hara Iseraele, le hoba nna, Jehova, ke Modimo wa lona, mme ha ho e mong; setjhaba sa ka se ke ke sa hlola se hlajwa ke dihlong le ka mohla o le mong.


Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Tseo o ile wa di bontshwa hore o tle o tsebe hobane Jehova, ke Modimo, le hobane ha ho o mong kantle ho yena.


Tseba kajeno lena, mme o boloke pelong ya hao hobane Jehova ke Modimo mahodimong a hodimo, le tlase lefatsheng; ha ho o mong kantle ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos