Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 40:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ke mang ya lekantseng metsi ka seatleng sa hae? Ke mang ya lekantseng mahodimo ka boahlamo ba menwana ya hae? Ke mang ya bokeletseng lerole la lefatshe tekanyong? Ke mang ya lekantseng boima ba dithaba ka sekgoketsane, le dithabana ka sekala?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ya kila metha metsi a lewatle ke mang, a a metha ka seatla sa hae? Ya kila seha moedi wa mahodimo ke mang, a o seha ka seatla sa hae? Ya kila kga role la lefatshe ka sethoto ke mang? Ya kila bea dithaba le maralla, a di bea sekaleng, ke mang?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 40:12
12 Referencias Cruzadas  

Mohla o laelang boima ba moya, o lekanyang metsi ka tekanyo,


Ke mang ya nyolohetseng lehodimong, a ba a theoha a etswa teng? Ke mang ya fuparetseng moya letsohong la hae? Ya bokeletseng mawatle kobong ya hae ke ha e le mang? Ke mang ya tiisitseng dipheletso tsa lefatshe? Lebitso la hae ke mang? Ke mang lebitso la mora hae, ha o fela o tseba?


Letsoho la ka ke lona le theileng lefatshe, mme le letona la ka le adile mahodimo; ke a bitsitse, a hla a hlaha hang.


Ho itswe ke Jehova: Ha mahodimo a hodimo a ka lekanngwa, le yona metheo ya lefatshe e katlase e ka fihlelwa, ke moo ke tla lahla leloko lohle la Iseraele ka baka la tsohle tseo ba di entseng, ho bolela Jehova.


Hobane bona, ya hlodileng dithaba, ya entseng moya, ya tsebisang motho tse hopotsweng ke yena, ya fetolang meso lefifi, ya tsamayang hodima diphahama tsa lefatshe, lebitso la hae lona ke Jehova, Modimo wa makgotla.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos