Letlotlo la lona leo le le hapileng, le tla hlakolwa ka mokgwa oo ditsie di hlakolwang ka wona; batho ba tla itihela ho lona ka mokgwa oo bookgolane bo welang jwang ka wona.
Mme wena, o ba porofetele mantswe ana kaofela, o re ho bona: Phahameng ya hae Jehova o ya duma, leahong le halalelang la hae o tla phahamisa lentswe; o purumela ntlo ya hae; modumo o kang wa ba hatang veine o o dumisetsa baahi bohle ba lefatshe.
Modumo o ya ya le pheletsong ya lefatshe, hobane Jehova o na le tseko le ditjhaba, o tseka le bohle bao e leng nama; o neela ba babe lerumo, ho bolela Jehova.