“Jwale ba porofetele mantswe ana wohle, o re ho bona: “ ‘Morena o tla puruma a le hodimo, a howeletse a le sehalalelong sa hae, a kgarumele lefatshe la hae. O tla howa sa batho ba tlhotlang morara, a howeletse baahi bohle ba lefatshe.
Rata le tla fihla pheletsong tsa lefatshe, hoba tjhaba tsohle Morena o tla di qosa, batho bohle le bona a ba ahlole, ba kgopo a ba bolaye ka sabole,’ ” ho rialo Morena.