Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 32:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Haele mothetsi, dibetsa tsa hae ke tsa bolotsana, o loha mano ho timetsa mosenyehi ka dipolelo tsa leshano, leha taba tsa mohloki e le tse lokileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Mekgwa ya senokwane e mebe, kamehla se rera merero e kgopo, ho timetsa mafutsana ka polelo tsa mashano, leha thapedi ya bahloki e nepahetse.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 32:7
24 Referencias Cruzadas  

Ba babe ba ntaletse ho ntimetsa; ke mpa ke ela dikeletso tsa hao hloko.


Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.


Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


Motho e mobe ha a ka hauhelwa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ya toka, e nne e be motho ya kgopo, mme ha a tadime boholo ba Jehova.


e leng ba tswang ba bang nyeweng, ba tjhehang ya sa kwekwetleng ditabeng kgotla, ba dihelang ya lokileng ka mashano a bona.


ba lokollang motho ya molato ka baka la moputso, ba amohang ya lokileng ho loka ha hae!


Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.


Nnete e a hlokahala, e mong le e mong ya tshabang bobe o a tlatlapuwa. Jehova o bone hoo, mme e bile ntho e mpe mahlong a hae, hobane ho loka ho hlokahetse.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Ba bangata ba tla hlwekiswa, ba sweufale, ba lekwe; ba babe ba ya nne ba etse hampe, mme ha ho moetsadibe ya tlang ho utlwisisa, empa ba hlalefileng ba tla utlwisisa.


Ho madimabe ba nahanang bolotsana, ba rerang bobe diphateng tsa bona! Ba bo etsa leseding la meso, hobane matsoho a bona ho bona ke modimo.


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Ba etsa morero wa ho tshwara Jesu ka bohlale, ba tle ba mmolaye.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos