Isaia 32:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Hobane molotsana o bolela tsa bolotsana feela, pelo ya hae e neetswe bobe, a tle a etse bolotsana, a sebe Jehova ka dipuo tsa bohata, a beelle moya wa ya lapileng tlala, a time ya nyorilweng seno. Ver CapítuloBIBELE6 hobane sethoto se bua bothoto, le ho nahana se nahana tse kgopo: Se etsa tse kgopo, se bua tsa bohata ka Modimo; ba lapileng ha se ke se ba fepa, ba nyorilweng se ba tima metsi. Ver Capítulo |
Ka baka leo, Morena a ke ke a kgahliswa ke ba batjha ba sona, a ke ke a hauhela dikgutsana le bahlolohadi ba sona, etswe e le ba kgopo le ba bolotsana kaofela ha bona, mme molomo wa e mong le e mong o bua dinyefolo feela. Ha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.