Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 22:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 wena, motse o tletseng moferefere, motse wa marata, o batlang menyaka feela? Ba hao ba bolailweng ha ba ka ba wa ka lerumo, ha ba ka ba eshwa ntweng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Wena motse o tletseng meferefere! Motse wa lerata le medidietsane! Babolauwa ba hao ha ba a bolawa ka sabole, babolauwa ba hao ha ba a shwela ntweng.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 22:2
16 Referencias Cruzadas  

Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.


Na ke wona motse wa lona wa menyaka, oo ho qala ha wona ho isang mehleng ya boholoholo, oo maoto a wona a neng a o isa hole hore o yo haha teng?


Dibajwa le meutlwa di tla mela naheng ya setjhaba sa ka, le hodima matlo a thabo kaofela a motse wa menyaka.


Hobane matlo a borena a tla tlohelwa, motse wa lerata o tla fetoha lesupi; leralla le tora ya sebohodi e be mahaha ka ditshiu le ditshiu, e be thabo ya dipitsi tsa naha le makgulo a mehlape,


Ka baka leo, Jehova o re bakeng sa morena wa Assiria: A ke ke a kena motseng ona, a ke ke a phosa ka motsu teng, leha e le ho tla pela teng ka thebe, leha e le ho o etsetsa tutudu.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


Ha ke tswela naheng, ho bonwa ba bolailweng ke lerumo; leha ke kena motseng, ho bonwa ba shwang ke tlala; hape, haele moporofeta le yena moprista, ba lelera naheng eo ba sa e tsebeng.


Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.


Ka kgwedi ya bone, ka la boroba mono o le mong, tlala e be e le kgolo motseng; ho ne ho se bohobe ho setjhaba sa lefatshe.


O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?


Bona, Jehova, o tadime eo o mo entseng jwalo. Ho jwang, ha basadi ba ile ba eja ditholwana tsa bona, bana bao ba bileng ba ba emara? Keng, ha ho ile ha bolawa moprista le moporofeta sehalalelong sa Morena na?


Ba leng haufi le ba leng hole le wena ba tla soma ka wena ya nang le lebitso le ditshila, ya tletseng dihlong.


Ke wona motse oo o nyakaletseng, o neng o dutse ka kgotso, o neng o re pelong ya wona: Ke nna feela, ha ho o mong! ... O fetohile jwang nahathothe, moo ho bothang diphoofolo teng? E mong le e mong ya fetang pela wona o tla letsa molodi, a ba a tsokotse letsoho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos