Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 22:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Boporofeta hodima sekgutlo sa dipono: Taba ke dife, ha batho ba hao kaofela ba hlweletse hodima matlo,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Bona ke boporofeta malebana le Kgohlo ya Pono: Ebe jwale molato ke ofe ha e le moo le hlweletse hodima matlo?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 22:1
26 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o utlwa lentswe la moshanyana; mme lengeloi la Modimo la howeletsa Agare le le lehodimong, le re ho yena: O jewa keng Agare? Se tshabe, hobane Modimo o utlwile lentswe la moshanyana, moo a leng teng.


Morena a re ho yena: Ke efe taba ya hao? A re: Ke mosadi wa mohlolohadi; monna wa ka o timetse.


Morena a eketsa, a re: O tsietswa keng? Mosadi a re: Mosadi enwa o itse ho nna: Ntsha mora hao, re mo je kajeno; moraka re tla mo ja hosasane.


O ne o na le eng, wena lewatle, ha o tla baleha, le wena Jordane, ha o tla kgutlela morao?


Dithaba di teela Jerusalema hare; Jehova o teela setjhaba sa hae hare jwalo, jwale le ka ho sa yeng kae.


Tshenolo ha e le siyo, ha ho molao setjhabeng; empa ya bolokang molao, o lehlohonolo hakakang!


Boporofeta hodima Babilona, bo senoletsweng Esaia, mora Amotse:


Mapatlelong ho ikapesitswe ka masela a mahwashe; hodima matlo le diterateng ke dillo le diboko feela.


Hobane ke letsatsi la matsoso, la ho tujwa, le la moferefere, le laotsweng ke Morena, Jehova wa makgotla, sekgutlong sa dipono; ho heletswa marako, mehoo ya tshoho e dumaela dithabeng.


Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla ba ditshila jwaloka nqalo ya Tofethe; e leng matlo kaofela ao ba hlwellang hodima wona ho tjhesetsa lekgotla lohle la lehodimo dibano le ho tshollela medimo esele dino.


Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?


Bakalde ba lwantshang motse ona, ba tla kena, ba tjhese motse ona, ba o tjhese ka mollo, le wona matlo ao ba tjheseditseng Baale dibano hodima wona, mme ba tsholetse teng medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


ka baka la bobe kaofela boo bana ba Iseraele le bana ba Juda ba kileng ba bo etsa, ba tle ba mphephetse, e le bona, le marena a bona, le baholo ba bona, le baprista ba bona le baporofeta ba bona, le batho ba Juda, le baahi ba Jerusalema.


Matlung wohle a Moabe le diterateng tsohle tsa hae ho a bokollwa; hobane ke pshatlile Moabe, jwaloka hoja ke lefiso le se nang theko, ho bolela Jehova.


A ho tsohe, a ho tle ditjhaba kgohlong ya Josafate; hobane teng ke tla dula ho ahlola ditjhaba tsohle tse ka mathoko!


Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.


Ka baka leo, le tla hlahelwa ke bosiu, e seng ke pono, le ke lefifi, e seng ke tshenolo; letsatsi le tla phirimela baporofeta, lesedi la motshehare le fifale hodima bona.


le ba kgumamang hodima matlo pela lekgotla la lehodimo, le bakgumami ba anang ka Jehova, ba anang le ka morena wa bona;


Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bolele leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa tsebeng, le se bolele dihlorong tsa matlo.


O moholo ka nqa tsohle, haholo kahobane dipolelo tsa Modimo di tshepetswe bona.


Etlere ha o haha ntlo e ntjha, o tle o etse lehora le potang marulelo a hao, esere mohlomong ntlo ya hlahelwa ke molato wa madi a motho ya leng hodima yona, a wela fatshe.


Ba howeletsa bana ba Dane; bao, ha ba reteleha, ba re ho Mika: O jewa keng ha o etla o ba phuthile ka mokgosi?


Ebile moo ho fihlang Saule, a etswa naheng, a setse pholo tsa hae morao. Saule a re: Setjhaba se hlahetswe keng, haele moo se lla? Ba mo phetela ditaba tsa banna ba Jabeshe.


Haele mohlankanyana Samuele, o ne a ntse a sebeletsa Jehova pontsheng ho Eli. Mehleng eo, lentswe la Jehova le be le hlokeha, mme dipono di ne di sa ata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos