Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 2:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 batho ba tla balehela mafarung a mafika le mesimeng ya lefatshe, ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 2:19
41 Referencias Cruzadas  

Baditjhaba ba tepeletse, ba tswa diqhobosheaneng tsa bona ba thothomela.


O sisinya lefatshe motheong wa lona, ditshiya tsa lona di a tlakasela.


Tsoha, Jehova! ka bohale ba hao o phahamele ho itshena ha bao e leng dira ho nna! Tsoha, o nkemele, o laele kahlolo!


Ke moo ke tla thetherehisa mahodimo, lefatshe le suthe tulong tsa lona ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, ka letsatsi la bohale ba hae bo tukang.


Kena lefarung la lefika, o ipate leroleng, ka baka la botshabeho ba Jehova, le la kganya ya boholo ba hae.


a tle a tshabele dikoting tsa mafika le mafarung a mafika ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.


Bonang, Jehova o ya hlobodisa lefatshe, a le etse nahathothe, a le senye sebopeho, a qhalanye baahi ba lona.


Ya balehelang tshoho, o wela lemeneng; ya tlang ho inyolla lemeneng, o itshwasa lerabeng, hobane dithoba tsa mahodimo di a buleha, mme metheo ya lefatshe e a reketla.


Lefatshe le a thuhakanngwa, lefatshe le kunngwa dikoto, lefatshe le sisinyeha hohle.


Mme hohle moo thupa ya Jehova eo a tlang ho mo otla ka yona e tlang ho ya le teng, meropa le diharepa di tla duma; mme o tla mo otla ka matla.


Jwale, ke tla tsoha, ho bolela Jehova; jwale, ke tla iphahamisa; jwale, ke tla ikgodisa.


Di tla tla, di dule kaofela dikgutlong tse dilomo, le mafarung a mafika, le dihlahleng tsohle, le makgulong wohle.


Bonang, ke tla bitsa batshwasi ba bangata, ho bolela Jehova, mme ba tla ba tshwasa; hamorao, ke tla roma ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle le maralleng wohle le mapetsong a mafika.


Metse kaofela e ya baleha ka baka la lerata la bapalami le la diphosi tsa diqha, ba ya kena merung e metsho, ba hlwelle mafikeng; metse yohle e tla furallwa, ha ho sa tla ba motho ya ahileng ho yona.


Tlohelang metse ya lona, le ahe mafikeng, lona baahi ba Moabe, le be jwaloka maeba a ikgahelang molomong wa mahaha.


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke a phela! ba dithakong ba tla dihuwa ke lerumo; ba naheng ke tla ba nea dibatana, e be dijo tsa tsona; ba diqhobong le mahaheng ba tla shwa ke lefu la sewa.


Ho fedile le nqalo tse diphahameng tsa Bethe-Avene, tseo e leng sebe sa Iseraele. Meutlwa le dintshwantshwane di ya mela dialetareng tsa tsona. Mme ba tla re ho dithaba: le re kgurumetse! le ho marallana: Re weleng hodimo!


Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba.


Le wena o tla tahwa, o be o timelle; le wena o tla bo o re, o batla setshabelo ho phema sera.


Hobane Jehova wa makgotla o bolela, o re: Ke sa tla sisinya hang, haufinyane, lehodimo le lefatshe, lewatle le moo ho omileng.


Ke tla sisinya le ditjhaba tsohle, mme tse lakatsehang tsa ditjhaba tsohle di tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka kganya, ho bolela Jehova wa makgotla.


Mohlang oo, ba tla qala ho re ho dithaba: Le re wele hodimo; le ho maralla: Le re pupetse;


Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,


kanthebo lefatshe le ne le sa tshwanele ho ba le batho ba jwalo — ba shotile mafeelleng, le dithabeng, le mahaheng, le mekoting ya lefatshe.


Eo lentswe la hae le kileng la sisinya lefatshe mohla monene, mme le jwale o sa baletse batho, a re: Ke sa tla be ke sisinye hang hape, e seng lefatshe feela, empa e leng le lona lehodimo.


Ka nako yona eo, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; karolo ya leshome ya motse ya heleha tshisinyehong eo, batho ba dikete tse supileng ba eshwa; mme ba bang ba tshwarwa ke ho thothomela, mme ba isa kganya ho Modimo wa lehodimo.


Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Yaba ho hlaha mantswe, le mahadima, le diaduma, mme tshisinyeho e tshabehang ya lefatshe ya eba teng, eo, esaleng batho ba le lefatsheng, tshisinyeho e kalo e sa kang ya eba teng.


Yaba ke bona terone e tshweu e kgolo, le e mong ya dutseng hodima yona; yaba lefatshe le lehodimo di baleha pela sefahleho sa hae, mme ha di a ka tsa hlola di fumanelwa sebaka.


Mehleng eo, batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba balehela.


Eitse Baiseraele ha ba bona tsietsi eo ba leng ho yona, kahobane setjhaba se tsietswe, ba ipata mahaheng, le merung, le mafikeng, le diqhobong, le mangopeng.


Eitse ha ba itlhahisa ba babedi ho ba qhobosheaneng ya Bafilesta, Bafilesta ba re: Bonang, Baheberu ke bane, ba tswa mekoting eo ba ipatileng ho yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos