Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 2:19 - BIBELE

19 Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 batho ba tla balehela mafarung a mafika le mesimeng ya lefatshe, ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 2:19
41 Referencias Cruzadas  

Ditjhaba di kgathala matla, di tswa di thothomela qhobosheaneng tsa tsona.


O sisinya lefatshe madulong a lona, ditshiya tsa lona di be di reketle.


dira di ke di ntelekise, di ntshware, di ke di nkgatakelle fatshe, di mpolaye, di nkepele leroleng.


Ke tla etsa hore mahodimo a thothomele, fatshe le be le suthe madulong a lona, tsena di tla bakwa ke kgalefo ya Morena wa mabotho, mohla tsatsi la bohale bo tlokomang ba hae.


Ipateng hara mafika, le ipate le madumeleng, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botlotlehi ba hae!


Batho ba tla balehela mahaheng, katlasa mafika le mafarung, ka baka la ho tshaba Morena, le ho tshaba kganya ya botlotlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Morena o tla falatsa lefatshe, a le timetse, sebopeho sa lona a se senye, baahi ba lona a ba hasanye.


Ya balehang mokgosi o bakwang ke tshabo, yena o tla wela kahara mohohlo; ya ngwangwarelang hore a tswe ka mohohlong, raba le tjhehilweng yena le tla mo tshwasa. Pula ya ditlwebelele e tla tsholoha e etswa hodimo, metheo ya lefatshe le yona e tla reketla.


Fatshe lohle le tla ripitlwa, le ripitlwe, fatshe lohle le tla phatloha, le phatlohe, fatshe le tla sisinngwa madulong a lona, le sisinngwe.


Ha Morena a ba otla ka molamu wa hae, ho tla thoholetswa ka meropa le diharepa, mme Morena ke yena ya tla ba kgakgatha ka molamu wa hae.


“Jwale ke tla ema,” ho rialo Morena; “jwale ke tla tuma, jwale ke tla phahama.


Di tla tla tsohle, di fihle di hahele dikgohlong tse tebileng, le mafarung a mafika, le hara difate tsohle tsa leoka, le hara makgulo wohle.


“Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika.


Ha rata la bapalami le ba diqha le utlwahala, baahi ba metse yohle ba tla baleha; ba tla kena merung, ba hlwelle hodima mafika; metse yohle e tla furallwa ke baahi ba yona, ha ho le ya mong ya tla phela ho yona.


Lona baahi ba Moabe tswang metseng ya lona, le yo iphelela kwana hara mafika, le ke leeba le hahang sehlaha sa lona, le se hahang dintshing, ntshing tsa faru la lefika.


“Ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, masalla a ahileng dithakong a tla bolawa ka sabole, ba hara naha ke tla ba neela dibatana di ba harole; ba diqhobosheaneng le ba mahaheng ba tla bolawa ke lefu la sewa.


Dibaka tsa borapedi, tsa Afene, di tla fediswa, tsona tseo Iseraele a etsetsang sebe ho tsona, aletare tsa bona di mele meutlwa, di mele tshehlo. Ba tla re ho dithaba: “Re kgurumetseng!” Ho maralla ba re: “Re weleng hodimo!”


Di tla nyeka lerole jwaloka dinoha, di le nyeke sa dihahabi di holoba fatshe. Di tla tswa diahelong tsa tsona di thothomela, di retelehele ho Morena, Morena Modimo wa rona, di retelehele ho yena di tshohile, di tshohile haholo hobane di o tshaba.


Le wena Ninife, o tla tahwa, o tahwe, o be o thekesele, o batle moo o ka ipatelang sera teng.


“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Haufinyane ke tla boela ke reketlisa mahodimo le lefatshe, le mawatle le mobu o sebataolo.


Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme matlotlo a ditjhaba kaofela a tla tliswa ka Tempeleng, e be e tlale tlotla ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Ke moo ba tla qala ho re ho dithaba: “ ‘Re weleng hodimo!’ “le ho maralla: “ ‘Re kwaheleng!’


Ba tla ahlolelwa timelo e sa feleng, ba be holehole le sefahleho sa Morena le kganya ya botlotlehi ba hae,


E ne e le batho bao lefatshe le sa ba tshwaneleng. Ba ile ba lelera mafeelleng le dithabeng, mahaheng le matsabeng a lefatshe.


Mohlang oo lentswe la hae la na la reketlisa lefatshe, empa kajeno o boletse hona, a re: “Ke sa tla boela ke reketlisa lefatshe hanngwe hape; e seng lona feela, empa le lona lehodimo.”


Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe: karolo e le nngwe ho tse leshome ya motse ya heleha, mme tshisinyeho eo ya bolaya batho ba dikete tse supileng. Ba setseng ba tshoha haholo, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Ha eba le mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe. Tshisinyeho e kgolo hakaalo e ne e eso ka e eba teng haesale batho ba eba teng lefatsheng.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha.


Ha Baiseraele ba bona hore taba di mosenekeng, kaha setjhaba se ne se tsielehile, batho ba ipata ka mahaheng, le meferong, le mafikeng, le diqhobosheaneng, le madumeleng.


Bobedi ba bona ba etsa hore Bafilesita ba laletseng ba ba bone, mme Bafilesita ba re: “Bonang, Baheberu ke bao, ba tswa mafarung ao ba neng ba ipatile ho wona!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos