Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 17:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ho tla ba jwaloka mohla mokotudi a tshwarang ditlhaka tsa koro, mme letsoho la hae le hela diqwapi, le jwaloka mohla ho tholwang diqwapi sekgutlong sa Refaime.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Ho tla tshwana le ha mohedi a hela koro, a kotula koro ka diatla tsa hae; ho tshwane le ha motho a kgwahlapisa qwapi tsa koro, a di kgwahlapisa ka kgohlong ya Refaime.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 17:5
13 Referencias Cruzadas  

Bafilesta ha ba fihla, ba rasa kgohlong ya Barefaime.


Bafilesta ba boela ba futuha hape, ba rasa kgohlong ya Barefaime.


Jwang bo a bokellwa, botala bo a hlaha, mme ho latwa jwang dithabeng;


Eitse hobane o e hlome wa e etsetsa motero, mme hosasa wa thuntsha dipalesa; empa kotulo e fetohile kotulo ya maqeba a tebileng le ya masisapelo a tshabehang.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Moradi wa Babilona o jwaloka seotlo ka nako eo ho polwang ho sona; ho sa le motsotso o se okae, ho ntoo ba nako ya kotulo ho yena.


Ere: Ho itswe ke Jehova: Le ditopo tsa batho di tla wa, di be jwaloka moitedi naheng, le jwaloka diqwapi tseo mokotudi a di siileng, ho se ya di thonakang.


Le wena Juda, o lokiseditswe kotulo, mohla ke lokollang setjhaba sa ka kgolehong ya sona.


Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le hate, hobane sehatelo se tletse, dinkgo di bile di a kgaphatseha; hobane bolotsana ba bona bo boholo.


Di leseng tse pedi, di hole hammoho, ho be ho fihle kotulo; ke hona mohla ho kotulwang ke tla re ho bakotudi: Helang mofoka pele, le o tlame mangata, le o tjhese; le mpe le bokelle koro modikong wa ka.


Moedi o ntoo nyolosa ka kgohlo ya mora Hinnome, e nqa borwa ho Jebuse, e leng Jerusalema; moedi o ntoo nyolosetsa qhoweng ya thaba e mabapa le kgohlo ya Hinnome, nqa bophirimela, ho felleng ha kgohlo ya Refaime, nqa leboya.


Moedi o ntoo theosetsa nkong ya thaba e pela kgohlo ya mora Hinnome e sekgutlong sa Barefaime, nqa leboya; o boela o theosa kgohlo ya Hinnome mabapa le Bajebuse, nqa borwa: jwale, o theosetsa Ene-Rogele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos