a boela a bona dikgomo tse ding tsa dithole tse supileng di etswa nokeng kamora tseo, e le tse mpe ha di tadingwa, tse nama di otileng; tsa ema pela dikgomo tse ding lebopong la noka.
Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Assiria a kena Samaria, a isa Baiseraele kgolehong Assiria, a ba bea Hala, le Habore, le pela noka ya Gosane, le metseng ya Bamede.
Na le tla etsa jwang mohla letsatsi la tekolo, le mohla sefefo se tlang se etswa hole? Le tla balehela ho mang ho batla thuso, le bee letlotlo la lona kae?
Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.
Ho fedile le qhobosheane ya Efraime, le mmuso wa Damaseka, le ho setseng ha Siria; ho tla dula ka bona jwalokaha ho kile ha dula ka kganya ya bana ba Iseraele: ho bolela Jehova wa makgotla.
Naheng eo, le hara ditjhaba, ditaba di tla ba jwaloka mohla ho kguwang ditlholwana tsa mehlwaare, le jwalokaha ho kgwahlapiswa ha ho se ho kotutswe merara.
Ra utlwa dipina tse tswang dipheletsong tsa lefatshe, tse reng: Kganya ho ya lokileng! Empa nna ka re: Ke senyehile! ke senyehile! Ho madimabe nna! Mashodu a utswa, mashodu a ya le kgapo.
Manasse o ja Efraime, Efraime o ja Manasse, ba ntoo kopana hammoho ho ja Juda. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.
Jehova o itse: Jwalokaha modisa a hlwibila maoto a mabedi a nku, kapa sekoto sa tsebe molomong wa tau, ho tla hlwibilwa jwalo bana ba Iseraele ba Samaria, ba dutseng dintlheng tsa malao le hodima diphate tse adilweng masela a Damaseka.
Jehova o tla tshabeha hodima bona, hobane o tla fedisa medimo yohle ya lefatshe, ba tle ho mo kgumamela, e mong le e mong ka ho tloha nqalong ya hae, e leng dihlekehlekeng tsohle tsa ditjhaba.