Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 15:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka baka leo, ho setseng ho bona le tseo ba di bolokileng, ba di isitse mose wane wa molatswana wa meduwane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Maruo ao ba a sebeditseng ka thata, ba a bokella, ba a kakatetse ho ya tshela Molatswana wa Meduwane.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 15:7
9 Referencias Cruzadas  

Letsoho la ka le hapile menono ya ditjhaba jwalokaha ho nkuwa ntlo ya nonyana; jwalokaha ho bokellwa mahe a tlohetsweng, ke ipokelletse lefatshe kaofela jwalo, mme ha ho ya kileng a sisinya mapheo, ya ahlamisitseng molomo, a lla.


Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.


Hobane mekgosi e potile naha ya Moabe; mehoo ya teng e utlwahala Eglaime, dillo di fihlile Beer-Elime.


Boporofeta hodima diphoofolo tsa borwa. Naheng ya tsietsi, ya mahlomola, ya tau e tshehadi le tau e tona, ya qowane le noha e fofang, ba belesa matlotlo a bona ka diesele, le maruo a bona mekokotlong ya dikamele, ho ya tjhabeng seo ba ke keng ba kotula letho ho sona.


Ho puruma ha bona ho ka ha tau e tshehadi, ba puruma jwaloka ditau tse ntjha, ba kurutla, ba tshwara kgapo, ba ya le yona; ha ho motho ya tla e hlwibila ho bona.


Ka baka leo, pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa Moabe; pelo ya ka e lla jwaloka phala bakeng sa batho ba Kire-Hereshe, kahobane ho neng ho bokeletswe ho timetse.


Ka letsatsi la pele, le tla inkela ditholwana tsa difate tse ntle, le makala a dipalema, le mahlaku a matenya a difate le a meduwane ya noka, mme le tla ithabela pela Jehova, Modimo wa lona, ka matsatsi a supileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos