Isaia 15:7 - BIBELE7 Maruo ao ba a sebeditseng ka thata, ba a bokella, ba a kakatetse ho ya tshela Molatswana wa Meduwane. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 Ka baka leo, ho setseng ho bona le tseo ba di bolokileng, ba di isitse mose wane wa molatswana wa meduwane. Ver Capítulo |
Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,