Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 10:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha ke re, Kalno o sentswe jwaloka Karkemishe, le Hamathe jwaloka Arpade, le Samaria jwaloka Damaseka na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Na Kalene ha e tshwane le Karakemishe? Na Hamate ha e tshwane le Arepade? Na Samaria ha e tshwane le Damaseka?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:9
23 Referencias Cruzadas  

Qalo ya mmuso wa hae ya eba Babele, le Ereke, le Akkade, le Kalne, fatsheng la Shineare.


Thoi, morena wa Hamathe, a utlwa hobane Davida o hlotse makgotla wohle a Hadadesere.


Morena wa Assiria a mo utlwa; morena wa Assiria a fela a futuhela Damaseka, a o kena, mme a isa ba teng Kire kgolehong, a bolaya le Retsine.


Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.


E kae medimo ya Hamathe le ya Arpade? E kae medimo ya Sefarvaime, ya Hena le ya Ivva? Na le wona Samaria o namoletswe matsohong a ka na?


Haele medimo ya ditjhaba tseo bontate ba di timeditseng, ke ofe ho yona o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka, haele moo le re, Modimo wa lona o na le matla a ho le namolela matsohong a ka?


Kamora tseo tsohle, eitse hobane Josiase a phethe ho lokisa ntlo ya Jehova, Neko, morena wa Egepeta, a futuhela Karkemishe, nokeng ya Eufrate; mme Josiase a ya mo kgahlanyetsa.


Hobane o re: Matona a ka na hase marena kaofela a tsona na?


Boporofeta hodima Damaseka: Bonang, Damaseka o se a tla leswa ho balwa palong ya metse, a fetohe qubu ya dithako.


Ho fedile le qhobosheane ya Efraime, le mmuso wa Damaseka, le ho setseng ha Siria; ho tla dula ka bona jwalokaha ho kile ha dula ka kganya ya bana ba Iseraele: ho bolela Jehova wa makgotla.


Mebila e feela, ditsela di tlohetswe; morena wa Assiria o robile selekane, o nyedisitse metse, ha a re letho ka batho.


E kae medimo ya Hamathe le ya Arpade? E kae medimo ya Sefarvaime? Na le wona Samaria o namoletswe matsohong a ka na?


Bona, le wena o utlwile seo marena a Assiria a se entseng naheng tsohle, kamoo a di timeditseng kateng. Hleka wena o re, o tla phonyoha na?


O kae morena wa Hamathe, le morena wa Arpade, le morena wa motse wa Sefarvaime, wa Hena, le wa Ivva?


Hobane motse wa moreneng wa Siria ke Damaseka, mme hlooho ya Damaseka ke Retsine; dilemo tse mashome a tsheletseng le metso e mehlano ha di fetile, Efraime o tla timetswa, ha e sa tla hlola e eba setjhaba.


Bakeng sa Egepeta, le bakeng sa makgotla a Faro-Neko, morena wa Egepeta, a neng a le pela noka ya Eufrate, Karkemishe, ao Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a a bolaya selemong sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda.


Bakeng sa Damaseka: Hamathe o hlabisitswe dihlong le Arpade; kahobane ba utlwile taba e mpe, ba fokola; tsietsi e teng lewatleng, mme le sitwa ho kgutsa.


ke Hamathe, Berotha, Sibraime, o mahareng a moedi wa Damaseka le moedi wa Hamathe; hape, ke Hatsere-Hatthikone o moeding wa Haurane.


Setjhaba seo se soma marena, ho sona mahosana ke sesomo; se tsheha qhobosheane e nngwe le e nngwe, se be se bokelle lerole, se di hape.


ho tloha thabeng ya Hore le tla o fetisa ka Hamathe, o kene Tsedade,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos