Le bolelle Esekiase, morena wa Juda, le re: Modimo wa hao oo o o tshepileng o se ke wa o thetsa ka ho re: Jerusalema a ke ke a neelwa matsohong a morena wa Assiria.
Empa yena ha a lemohe hobane ho dutse jwalo, ha a lemohe pelong ya hae hobane ho jwalo, empa se ka pelong ya hae ke ho senya le ho fedisa ditjhaba tse ngata.
Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.
Hobane Morena Jehova o re: Bonang, ke tla lata Nebukadresare, morena wa Babilona, morena wa marena, leboya, ke mo tlise Tire, a tle ka dipere, le makoloi, le bapalami, le setjhaba, le sera se seholo.
Ka baka leo, ya nna ya ikgohomosa kamoo e neng e feta difate tsohle tsa naha kateng, ka bolele; mahlomela a yona a nna a ata, makala a yona a nna a hola, hobane e ne e mediswa ke metsi a mangata.