Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 10:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Wena moradi wa Gallime, o bokolle; Laishe, iponele; Anathothe, o madimabe!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Bokolla, wena moradi wa Galeme! Thea tsebe le wena Laesha! Wena Anatote o madimabe!

Ver Capítulo Copiar




Isaia 10:30
9 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o tsebisa moprista Abiathare, a re: Ikele Anathothe, masimong a hao, hobane o lokelwa ke ho shwa; empa kajeno, nke ke ka o bolaya, kahobane o kile wa jara areka ya Morena Jehova pela ntate Davida, le hobane o kile wa tubeha kahohle kamoo le ntate a ileng a tubeha kateng.


le Anathothe, le Nobe, le Hanania,


Ba Madmena ba qhalane, ba ahileng Gebime ba baleha ka dintho tsa bona.


Mantswe a Jeremia, mora Hilkia, e mong wa baprista ba Anathothe, lefatsheng la Benjamine,


Hanameele, ngwana rangwane, a ba a tla ho nna lebaleng la teronko, kamoo ho neng ho boletse Jehova kateng, a re ho nna: Ako ithekele tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine, hobane tokelo ya ho e rua ke ya hao le ya topollo ke ya hao; o ithekele yona. Yaba ke a tseba hobane ke lona lentswe la Jehova.


Anathothe le meraka ya wona, le Almone le meraka ya wona: metse e mene.


Mme motse oo ba o rea lebitso la Dane, ka lebitso la Dane ntata bona, ya neng a tswaletswe Iseraele. Empa bitso la pele la motse e ne e le Laishe.


Yaba banna bao ba bahlano ba tloha, ba fihla Laishe, ba bona batho ba teng ba dutse ba iketlile ka mokgwa wa Basidone, ba dutse ka boiketlo le ka kgotso, ho se motho ya nang le borena naheng eo, ya nang le matla a ho ba etsa hampe, ba le hole le Basidone, ba se na taba le batho ba bang.


Haele Mikale, moradi wa Saule, ya neng a nyetswe ke Davida, Saule o ne a mo neile Palthi, mora Laishe, wa Gallime.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos