Isaia 10:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 Letsoho la ka le hapile menono ya ditjhaba jwalokaha ho nkuwa ntlo ya nonyana; jwalokaha ho bokellwa mahe a tlohetsweng, ke ipokelletse lefatshe kaofela jwalo, mme ha ho ya kileng a sisinya mapheo, ya ahlamisitseng molomo, a lla. Ver CapítuloBIBELE14 Tsoho la ka le fumane matlotlo a ditjhaba, la a fumana sa hlaha sa nonyana, ka bokella naha tsohle mmoho, sa mahe a setse lepalapaleng, ha se be le e nngwe e sisinyehang, kapa e ahlamisang molomo ho hlaba mokgosi.” Ver Capítulo |