Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Habakuke 3:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ho hlaha kganya e kang ya letsatsi; mahlasedi a tswa ho yena; ke moo matla a hae a patetsweng teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Kganya ya hae e ka mahlasedi a letsatsi, ka diatleng tsa hae mahlasedi a a betseha! Ke moo matla a hae a patehileng teng.

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 3:4
14 Referencias Cruzadas  

Wa nna wa ba tsamaisa ka topallo ya leru motshehare, le ka topallo ya mollo bosiu, o tle o ba bonesetse tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.


ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?


O ipopa ka lesedi jwaloka hola ke kobo, o menolla mahodimo jwaloka lesela la tente;


Kganyeng e mo etellang pele, ha tswa maru a emereng sefako le mashala a hlenneng.


Jehova o ne a ba eteletse pele ka topallo ya leru motshehare, ho ba bontsha tsela, le bosiu ka topallo ya mollo ho ba bonesetsa, hore ba tsamaye motshehare le bosiu.


Ya tla dipakeng tsa ntwa ya Egepeta le tsa ntwa ya Iseraele, ya eba maru le lefifi ka nqe nngwe, ka nqe nngwe ya bonesa bosiu; ha ba ka ba atamelana ka bosiu bohle.


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


Mme ka bona ho kang koporo e hlenneng, hoo e kang ke mollo o mo etseditseng bodulo ka nqa tsohle; ho tloha ho hoo e kang ke letheka la hae, nqa hodimo, le ho tloha ho hoo e kang le letheka la hae, nqa tlase, ka bona eka ke mollo le kganya e mo teelang hare.


mme ka bona kganya ya Modimo wa Iseraele e etla e etswa botjhabela; lentswe la wona le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata; lefatshe le ne le benya ka kganya ya wona.


A fetoha pontsheng ho bona; sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, mme diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi,


e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!


Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.


Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng, mme ha ba sa hloka lesedi la lebone, leha e le la letsatsi; hobane Morena Modimo o tla ba bonesa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos