Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Habakuke 3:4 - BIBELE

4 Kganya ya hae e ka mahlasedi a letsatsi, ka diatleng tsa hae mahlasedi a a betseha! Ke moo matla a hae a patehileng teng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ho hlaha kganya e kang ya letsatsi; mahlasedi a tswa ho yena; ke moo matla a hae a patetsweng teng.

Ver Capítulo Copiar




Habakuke 3:4
14 Referencias Cruzadas  

Motsheare wa ba etella pele ka leru le lopaletseng, bosiu ka kganare e lopaletseng, ho ba bonesetsa tsela leetong la bona.


Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”


o ipopile ka lesedi jwalokaha eka ke kobo. O adile mahodimo jwaloka lesela la tente,


Lefifi a le etsa lesira la hae, maru a matsho a dusang pula, wona a a etsa tente ya hae;


Motsheare Morena o ne a ba eteletse pele ka leru le lopaletseng, ho ba bontsha tsela; bosiu ka kganare ya mollo, ho ba bonesetsa, hore ba tsebe ho tsamaya bosiu le motsheare.


pakeng tsa diahelo tsa Baegepeta le diahelo tsa Baiseraele. Leru la etsetsa Baegepeta lefifi, empa bana ba Iseraele la ba etsetsa lesedi; kahoo mabotho a sitwa ho atamelana bosiu bohle.


Lebitso la Morena ke qhobosheane, ya lokileng o tshabela teng, a sireletsehe.


Ho tloha lethekeng la hae ho ya hodimo ka bona ho kang lethose le hlenneng, le hara mollo; ho tloha thekeng ho ya tlase, motho eo a ka mollo, kganya e phatsimang e mo etseditse serakwe.


Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae.


A fetoha tshobotsi a le pela bona, sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi.


yena a inotshi ya sa shweng, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo ho seng motho ya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. A ho be jwalo!


Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.


Ha ho sa tla ba le bosiu; ha ba sa tla hloka lesedi la lebone kapa lesedi la letsatsi, hobane Morena o tla ba bonesetsa, mme ba tla busa kamehla le mehla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios