Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 29:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jwale a tadima, a bona sediba naheng, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothileng pela sona, hobane mehlape e ne e noswa sedibeng seo; letlapa le neng le beilwe hodima molomo wa sediba le ne le le leholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ha a tadima, a bona sediba hara thota, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothile pela sona, hobane mehlape eo e ne e nweswa sedibeng seo. Lejwe le kwahelang molomo wa sediba le ne le le leholo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 29:2
12 Referencias Cruzadas  

Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


Teng a kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba sa metsi, nakong ya mantsiboya, motsotsong oo basadi ba tswelang ho kga metsi.


Bona, ke eme pela sediba sa metsi, mme baradi ba batho ba motse ba ya tswela ho kga metsi.


Mehlape kaofela e ne e buswa e bokellelwa teng, mme letlapa le ne le ribollwa hodima molomo wa sediba, ho tle ho noswe mehlape; eba letlapa le busetswa tulong tsa lona hodima molomo wa sediba.


O mphomotsa makgulong a matala, o ntsamaisa pela metsi a kgutsitseng.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


Sediba sa Jakobo se teng moo. Jesu, kahobane a ne a kgathetse ke tsela, a dula pela sediba; e ne e batla e le hora ya botshelela.


hobane Konyana e hara terone e tla ba alosa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a bophelo; mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


Moo metsi a kguwang didibeng, ba fulang ka diqha ba ke ba rorise ditshitso tsa Jehova ka mantswe a bona, ditshitso tsa molaodi wa bona Iseraeleng!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos