Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 29:2 - BIBELE

2 Ha a tadima, a bona sediba hara thota, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothile pela sona, hobane mehlape eo e ne e nweswa sedibeng seo. Lejwe le kwahelang molomo wa sediba le ne le le leholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Jwale a tadima, a bona sediba naheng, a bona mehlape e meraro ya dinku e bothileng pela sona, hobane mehlape e ne e noswa sedibeng seo; letlapa le neng le beilwe hodima molomo wa sediba le ne le le leholo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 29:2
12 Referencias Cruzadas  

Jwale mohlanka a nka dikamele tse leshome dikameleng tsa monga hae, mme a tsamaya a nkile mefuta yohle ya dintho tsa bohlokwa tsa monga hae. A ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


A kgumamisa dikamele kantle ho motse, pela sediba, mantsiboya, e leng nako eo basadi ba kgang metsi ka yona.


Bona, ke eme pela sediba, mme baradi ba batho ba motse ona ba tla tla ho kga metsi.


Ha mehlape e bokane moo, badisana ba ne ba ye ba le phikolose, le tlohe molomong wa sediba, ba nwese dinku, ba boele ba le busetse ditulong tsa lona, molomong wa sediba.


o nkatla makgulong a matala, o nkisa pela metsi moo ke tla phomola teng.


Ha ba ka ke ba lapa kapa ba nyorwa, kapa ba tjheswa ke motjheso wa tsatsi la lehwatata. Ya ba utlwelang bohloko o tla ba tataisa, a ba ise pela didiba tse kollang.


athe mang le mang ya nwang metsi ao ke tla mo fa wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa wona a tla fetoha ka ho yena sediba sa metsi a kopoletsang bophelong bo sa feleng.”


Sediba sa Jakobo se ne se le hona moo. Kaha Jesu a ne a kgathetse ke leeto, a dula sedibeng; e ne e ka ba hara mpa ya motsheare.


hobane Konyana e bohareng ba terone e tla ba disa, e ba ise didibeng tsa metsi a bophelo. Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.”


Holehole le marata a bo-rametsu, bakeng tseo ho kguwang metsi ho tsona, teng ba tla pheta ketso tse lokileng tsa Morena, ketso tse lokileng tsa babusi ba hae ba Iseraele; jwale tjhaba sa Morena sa theohela kgorong tsa metse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos