Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 24:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yare a eso ho qete ho bua, a bona Rebeka, ya tswetsweng ke Bethuele, mora wa Milka, mosadi wa Nakore, moena Abrahama, a etswa a jere nkgo ya hae lehetleng la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Yare a eso qete ho bua, Rebeka, moradi wa Bethuele ya tswetsweng ke Mileka, mosadi wa Nakore, moena wa Aborahama, a hlaha a beile nkgo lehetleng.

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:15
22 Referencias Cruzadas  

Ditloholo tsa Tera ke tsena: Tera a tswala Abrame, Nakore le Harane; Harane a tswala Lota.


Abrame le Nakore ba inkela basadi; lebitso la mosadi wa Abrame e le Sarai, lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka, moradi wa Harane, ntata Milka le Jiska.


Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a nka bohobe le sehwana sa metsi, a di nea Agare, a mo jarisa tsona lehetleng, a mo nea le ngwana, mme a mo fa tsela. A tloha a ya phaila lefeelleng la Beerseba.


A e ke e re, morwetsana eo ke reng ho yena: Ako kokobetse nkgo ya hao, nke ke nwe, mme a re: Nwa, mme ke tla nosa le dikamele tsa hao, e ke e be yena eo o mo laoletseng Isaaka, mohlanka wa hao, mme ke tle ke tsebe kahoo hobane o etseditse mong a ka ka mohau.


Yaba o re ho yena: Ke moradi wa Bethuele, mora wa Milka, eo a mo tswaletseng Nakore.


Yare ke eso ho qete ho bua ka pelong ya ka, ka tshoha Rebeka a etswa, a na le nkgo lehetleng; a theohela sedibeng, a kga; yaba ke re ho yena: Ako mphe, ke nwe.


Isaaka o ne a na le dilemo tse mashome a mane ha a nyala Rebeka, moradi wa Bethuele, Moarame wa Paddan-Arame, kgaitsedi ya Labane, Moarame.


Yaba o re ho badisa: A le tseba Labane, mora wa Nakore? Ba re: Re a mo tseba.


A re a sa ntse a bua le bona, Ragele a fihla le dinku tsa ntatae, hobane e ne e le yena ya di disang.


Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.


Wena ya utlwang merapelo, batho bohle ba tla tla ho wena.


Moprista wa Midiane o ne a na le baradi ba supileng, mme ba tla kga metsi, ba tlatsa dinwelo tsa dintho, ho nosa dinku tsa ntata bona.


O alosa ntlo ya hae, ha a je bohobe ba botswa.


Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


A thonaka jwalo tshimong eo, ya ntoo ba mantsiboya, a ba a pola seo a se thonakileng, ya batla ho ba efa ya harese.


Ruthe wa Moabe a re ho Naomi: Ntumelle hle, ke ye masimong, ke thonake diqwapi ke setse ba ka nkgauhelang morao. Naomi a re ho yena: O ka ya, moradi wa ka.


Ha ba ntse ba nyolohela motseng, ba kgahlana le barwetsana ba etswa teng ho ya kga metsi. Ba re ho bona: Ana senohe se teng hae na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos