Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 24:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A e ke e re, morwetsana eo ke reng ho yena: Ako kokobetse nkgo ya hao, nke ke nwe, mme a re: Nwa, mme ke tla nosa le dikamele tsa hao, e ke e be yena eo o mo laoletseng Isaaka, mohlanka wa hao, mme ke tle ke tsebe kahoo hobane o etseditse mong a ka ka mohau.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ho ke ho etsahale hore morwetsana eo ke tla re ho yena: ‘Ako role nkgo ya hao ke nwe,’ ebe o re ho nna: ‘Nwa, mme ke tla nwesa le dikamele tsa hao,’ e be yena eo o mo kgethetseng mohlanka wa hao Isaka. Ka hona ke tla tseba hore o hauhetse monga ka.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:14
22 Referencias Cruzadas  

Mme a re: Morena Jehova, ke tla tseba kang hoba ke tla le rua?


Bona, ke eme pela sediba sa metsi, mme baradi ba batho ba motse ba ya tswela ho kga metsi.


Yare a eso ho qete ho bua, a bona Rebeka, ya tswetsweng ke Bethuele, mora wa Milka, mosadi wa Nakore, moena Abrahama, a etswa a jere nkgo ya hae lehetleng la hae.


A re: Nwa, monghadi. A phakisa a kokobeletsa nkgo ya hae letsohong la hae, a mo nosa.


Eitse hobane a qete ho mo nwesa, a re: Ke tla kgella le dikamele tsa hao, le tsona di ke di nwe, di kgolwe.


bona, ke eme pela sediba sa metsi, mme etlere morwetsana ya tswelang ho kga metsi, eo ke reng ho yena: Ako nnose metsinyana nkgong ya hao;


mme a re ho nna: Inwelle wena, mme le dikamele tsa hao ke tla di kgella; e ke e be yena mosadi eo Jehova a mo laoletseng mora wa mong a ka!


Joabe a re ho Amasa: Ana o sa dutse ka kgotso na, ngwaneso? Joabe a ba a tshwara ditedu tsa Amasa ka letsoho le letona, a re o a mo aka;


Etlere ha o utlwa modumo wa diqi dintlheng tsa difate tsa monokotswai, o ke o ba nehelle; hobane etlaba Jehova o se a o eteletse pele, ho ya qhala makgotla a Bafilesta.


Ntlo le leruo ke lefa la bontata motho, empa mosadi ya kelello ke mpho ya Jehova.


Ikopele pontsho ho Jehova, Modimo wa hao, o kope hore e hlahe tlase lebitleng, leha e le hodimo lehodimong.


ke ntse ke kopa kamehla merapelong ya ka hore na, ha e ka ba ho rata ha Modimo, nke ke ka fuwa sebaka se setle sa ho ya ho lona.


Ba re ho yena: Ako botse Modimo, re tle re tsebe ha ekaba leeto la rona le tla atleha na?


Gideone a re ho yena: Ha ekaba ke bone mohau ho wena, ako nnee pontsho ya hobane ke wena ya buang le nna.


bona, ke tla bea letlalo lena la nku le nang le boya seotlong; ha phoka e lala hodima letlalo feela, ha oma kahohle fatshe, ke tla tseba kahoo hobane o tla namolela Iseraele ka letsoho la ka, jwalokaha o boletse.


Ha a ka re: Ke teng, e tla ba kgotso ho mohlanka wa hao; ha a halefa haholo, o tsebe hobane o hopotse bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos