Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 22:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Abrahama a rea nqalo eo lebitso la Jehova-Jire (Jehova o tla iponela); ke moo ho thweng kajeno: O tla iponela thabeng ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”

Ver Capítulo Copiar




Genese 22:14
19 Referencias Cruzadas  

Yare ha Abrahama a emisa mahlo a hae, a tadima, mme a bona pheleu e le kamora hae, e tshwasehile dihlahleng ka manaka; yaba Abrahama o ya, a nka pheleu, mme a e etsa setjheso bakeng sa mora wa hae.


Yaba lengeloi la Jehova le howeletsa Abrahama la bobedi le le lehodimong,


Abrahama a re: Mora ka, Modimo o tla iponela nku ya setjheso. Yaba ba tsamaya ba babedi hammoho.


A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.


Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.


Yaba lentswe la Jehova le tlela Elia, la re:


Moshe a aha aletare, a e rea lebitso la Jehova-nissi (Jehova ke folaga ya ka).


Ha ho potwa motse kaofela, ke bolelele bo ditswe tse dikete tse leshome le nang le metso e robileng meno e le mmedi. Ho tloha tsatsing leo, lebitso la motse e tla ba le reng: Jehova Shamma (Jehova o teng mona).


Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.


Lentswe le ne le etswe nama, mme la aha hara rona le tletse mohau le nnete, mme re bohile kganya ya lona, e kang kganya ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate.


Hobane Jehova o tla ahlolela setjhaba sa hae, mme o tla rekolohela bahlanka ba hae, ha a bona hobane matla a bona a fedile, mme ho se ho se motho ya ruileng, leha e le motho ya lokolohileng.


Mme ruri sephiri sa borapedi se seholo: o bonahetse nameng, o lokiseditswe ke Moya, o bonwe ke mangeloi, o boletswe hara ditjhaba, o dumetswe lefatsheng, o phahamiseditswe kganyeng.


Ebile Gideone o hahela Jehova aletare hona teng, a e rea lebitso la Jehova-Shalome (Jehova ke kgotso). E sa le teng Ofra wa Baabiesere ho fihlela kajeno.


Jwale, o ke o tsohele hosasa le bona bahlanka ba monga hao ba tsamayang le wena, mme ha le tsohetse hosasa, ha bo esa, le tsamaye.


Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos